Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 42:9 - BIBELE

9 Josefa a hopola ditoro tseo a kileng a di lora ka bona, mme a re ho bona: “Le dihlwela tse tlilo lekola bofokodi ba naha eo le e etetseng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba Josefa o hopola ditoro tseo a neng a di lorile hodima bona, a re ho bona: Le dihlwela, le tlile ho bona dibaka tsa naha tse leng feela.

Ver Capítulo Copiar




Genese 42:9
15 Referencias Cruzadas  

Bana babo ba mo honohela, empa ntatae yena a nna a nahana polelo eo.


Romelang e mong wa lona, a yo lata moena lona; lona le tla sala tjhankaneng, ho tle ho bonahale bonnete ba mantswe a lona; ho seng jwalo, ke hlapanya ka Faro ya phelang, ruri le dihlwela.”


Le ntlisetse moena lona wa ho fela, ke tle ke tsebe hore ha le dihlwela, le batho ba nnete. Ke tla le lokollela ngwanabo lona, le itsamaele naheng ena ka bolokolohi.’ ”


mahosana a Baamone a re ho Hanune, monga wona: “O bona eka ke hobane Davida a tlotla ntatao ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na hase ho tla hlahloba motse, le ho o hlwela, hore a tle a o hape?”


Jwale Morena a otla setjhaba, hobane se ne se ile sa re Arone a se etsetse namane.


“Romela banna ho ya hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Morabeng o mong le o mong wa bo-ntata bona o romele monna a le mong; e mong le e mong wa bona e be kgosana.”


Ba disa Jesu ka hloko, mme ba roma dihlwela tse iketsang e ka ke batho ba lokileng, hore di tle di mo tshware ka dipuo, di mo neele mmusisi.


Ka tumelo Rahaba wa seotswa ha a a ka a timela hammoho le ba sa dumelang, hobane o ne a ile a amohela dihlwela ka kgotso.


Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.


Bahlankana ba dihlwela ba ya, ba tla le Rahaba, le ntatae, le mmae, le bana babo, le bohle bao a neng a ena le bona. Ba ntsha le ba malapa wohle a bang ka yena, ba ba bea kantle ho diahelo tsa Baiseraele.


Dihlwela tsa bona monna a etswa motseng, mme tsa re ho yena: “Ako re bontshe tsela e kenang ka motseng, re tla o hauhela.”


Davida a romela dihlwela, mme tsa mmolella hore ke nnete, Saule o teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos