Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!
Isaaka a arabela Esau, a re: Bona, ke mo entse morena wa hao, mme ke mo neile banababo kaofela hore e be bahlanka ba hae; ke bile ke mo babaletse le ka koro le veine; mme jwale wena, nka o neang, mora wa ka?
Yaba banababo ba re ho yena: Hleka o re, o tla rena hodima rona na? kapa o tla fela o re buse na? Ba eketsa ho mo hloya ka baka la ditoro tsa hae, le ka baka la dipolelo tsa hae.