Romang e mong wa lona, a ye ho lata moena lona; haele lona, le tla sala le tlamilwe, hore ho tle ho bonahale hore na nnete e teng mantsweng a lona. Ha ho se jwalo, ka bophelo ba Faro, etlaba le dihlwela.
Ha ekaba le fela le le batho ba sebele, e mong wa lona, ngwanabo lona, ha a ke a sale tlung ya teronko ya lona, mme lona le tsamaye, le isetse ba habo lona ba tlaleng koro,
Ba re: Monna eo o re botsisitse hodima rona le hodima babo rona, a re: A ntata lona o sa phela na? A ngwanabo lona e mong o teng na? Ra mmolella kamoo a re botsang kateng. Na re ne re ka tseba jwang hoba o tla re: Tsamayang, le ye ho lata ngwanabo lona?