Jwale ba utlwa ha Morena Modimo a bua, ha a ntse a tsamaya hara serapa, moyeng o maphodi wa mantsiboya. Monna le mosadi wa hae ba ipatela Morena Modimo hara difate tsa serapa.
Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.”
Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla.
Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae. Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona.
Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.” Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.
ka baka leo, bonang, nna, e leng nna, ke tla le lebala ho hang, ke le furalle le motse ona oo ke neng ke o nee lona le bo-ntata lona, ebe ke le leleka mahlong a ka.
Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae. Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona.
Empa Jonase a tsamaya, a balehela Tarashishe hore a be hole le Morena. A theohela Jopo, moo a fumaneng sekepe se lebang Tarashishe. Hoba a lefelle leeto, a kena ka sekepeng, hore a tle a ye Tarashishe mmoho le basesisi ba sona, hole le Morena.
Bohle ba boledisa kamoo lona le re amohetseng hantle kateng, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo kateng. Le ile la lahla medimo ya bohata, e le hore le tle le sebeletse Modimo ya phelang, wa nnete,