Jwale ba utlwa lentswe la Jehova Modimo ha a tsamaya tshimong ka mantsiboya ha ho phodile. Adama le mosadi wa hae ba ipata hara difate tsa tshimo, ba tshaba sefahleho sa Jehova Modimo.
Bona, o ntelekile naheng ena kajeno, mme ke tla patelwa sefahleho sa hao, mme ke tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng: ka baka lena, mang le mang ya mphumanang o tla mpolaya.
Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.
Jehova a re ho Satane: Bona, tseo a nang le tsona kaofela di letsohong la hao; feela o se ke wa bea letsoho la hao ho yena. Yaba Satane o tloha pela Jehova.
Empa ba o tshepileng kaofela ba tla thaba, ba be ba nyakalle ka ho sa yeng kae, hobane o tla ba sireletsa; ba ratang lebitso la hao ba tla nyakallela wena.
Setjhaba sohle se ne se tadimile se utlwa diaduma, le mahadima, le modumo wa terompeta, le thaba e ntse e kubella mosi; setjhaba eitse ha se bona tseo, sa thothomela, sa ikemela hole.
Ha eba jwalo ka baka la bohale ba Jehova, bo neng bo tuketse Jerusalema le Juda, hore a ba lahle pontsheng ya hae. Mme Tsedekia a kwenehela morena wa Babilona.
Empa Jonase a tloha ho balehela Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova. A theohela Joppo, mme teng a fihlela sekepe se yang Tarshishe; yaba o ntsha tefo ya leeto, a kena ka sekepeng hore a tle a ye le batho ba sona Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova.
Hobane batho bohle ba bolela sebaka sa ho kena seo re bileng le sona hara lona, le kamoo le sokolohetseng ho Modimo kateng, la furalla ditswantsho ho sebeletsa Modimo o phelang, wa nnete,