Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 4:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jehova a mo fetola, a re: Mang le mang ya ka bolayang Kaine, ho tla phetetswa ho yena hasupa. Jehova a beela Kaine pontsho ya hore, e mong le e mong ya mo fumanang a se ke a mmolaya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Morena a re ho yena: “Ka baka leo, mang le mang ya tla bolaya Kaine, polao eo e tla pheteletswa hasupa.” Yaba Morena o tshwaya Kaine, esere ya mmonang a mmolaya.

Ver Capítulo Copiar




Genese 4:15
15 Referencias Cruzadas  

Kaine ha a pheteletswa hasupa, Lemeke yena e tla ba ha mashome a supileng a balwang hasupa.


Lentswe la Jehova la tla jwalo ka moporofeta Jehu, mora Hanani, hodima Baesha le ntlo ya hae, ka baka la bobe boo a bo entseng mahlong a Jehova, kamoo a kileng a mo halefisa kateng ka mesebetsi ya matsoho a hae, a le jwaloka ba ntlo ya Jeroboame, a mo halefisitse le ka ho e timetsa.


O se ke wa ba bolaya, esere mohlomong setjhaba sa ka sa lebala! ... O ba qhalanye ka matla a hao, o ba dihele, wena, Morena, thebe ya rona!


Morena, o busetse hasupa difubeng tsa ba mabapa le rona dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona!


Empa mohla le tshwarwang, le tshwanelwa ke ho lefa hasupa, le be le hlakolwe leruo lohle la ntlo ya lona.


mme Jehova a re ho yena: Pholletsa ka motse, ka Jerusalema, o tshwaye diphatla tsa batho ba fehelwang, ba bobolang ka baka la manyala wohle a etswang hara wona.


bolayang, le be le timeletse maqheku, le bahlankana, le dikgarebe, le bana ba banyenyane, le basadi; ha e le ba nang le letshwao, le se ke la ba ama; hlong le qale ka sehalalelo sa ka. Yaba ba qala ka banna ba baholo ba leng pela tempele.


Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Jisreele, hobane ho se ho se hokae, ke tla otla ntlo ya Jehu, ka baka la madi a tsholotsweng Jisreele, ke be ke fedise mmuso wa ntlo ya Iseraele;


Ekare ha le sa nkutlwe ka tseo, ke tla eketsa kotlo hasupa, ke tle ke le otle ka baka la dibe tsa lona.


Ekare ha le ntshetakela, le hana ho nkutlwa, ke tla boela ke eketse kotlo ya dibe tsa lona hasupa.


ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.


le nna ke tla le setakela ka kgalefo, mme le nna ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.


Yaba Jesu o re ho yena: Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwereng sabole, ba tla bolawa ka sabole.


Mosi wa hlokofalo ya bona o nyoloha kamehla le mehla, mme barapedi ba sebata le ba setshwantsho sa sona ba ke ke ba eba le phomolo bosiu le motshehare, leha e le ba amohetseng letshwao la lebitso la sona.


Lengeloi la boraro la latela a mabedi ao, la re ka lentswe le leholo: Ekare ha motho a rapela sebata le setshwantsho sa sona, a nka le letshwao la sona phatleng ya hae, kapa letsohong la hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos