Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 18:4 - BIBELE

4 A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, le phomole tlasa sefate.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, mme le kgatholohe tlasa fate sena.

Ver Capítulo Copiar




Genese 18:4
9 Referencias Cruzadas  

a re: “Morena wa ka, haeba kajeno o nkgauhetse, ke a o rapela, o se ke wa feta ha mohlanka wa hao.


Yaba o re: “Benghadi ba ka, ke a le rapela, fapohelang tlung ya mohlanka wa lona, le robaletse, le itlhatswe maoto, le tle le tsohe ka madungwadungwana, le tswele pele leetong la lona.” Mangeloi a re: “Tjhe, re tla ithoballa mabaleng a motse.”


Monna eo a kena ka tlung. Labane a qhanolla dikamele, a di fa seteroi le furu; a fa monna eo metsi ho hlatswa maoto a hae le ho hlatswa maoto a banna ba neng ba ena le yena.


Monna eo a ba isa tlung ya Josefa, a ba fa metsi, ba itlhatswa maoto; a fepa le ditonki tsa bona.


Yaba o retelehela ho mosadi, o re ho Simone: “Mosadi eo o a mmona? Ke kene ka tlung ha hao, ha o a mpha metsi a ho hlatswa maoto, empa mosadi enwa o ile a tshela maoto a ka ka dikgapa, a a hlakola ka moriri wa hae.


Hape e be ya pakwang ke mesebetsi ya hae e metle, e kang ho hodisa bana hantle, ho amohela baeti, ho hlatswa badumedi maoto, ho thusa ba tsietsing, esita le ho nna a etsa mesebetsi yohle e molemo.


Yaba o mo isa ka tlung ya hae, o fepa ditonki; ba hlatswa maoto a bona, ba eja, ba enwa.


Abikaele a ema, a sheba fatshe, a re: “Bonang, nna ke lekgabunyane la hae, mme nka hlatswa le maoto a bahlanka ba hae.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos