Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 18:5 - BIBELE

5 Ke sa ilo le batlela sengwathwana sa bohobe, le tle le thobe pelo tsa lona, ebe jwale le a feta, hobane le fapohetse ha mohlanka wa lona.” Yaba ba re: “Etsa jwalokaha o boletse.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke tla tlisa sengwathwana sa bohobe, le ke le hlaphole dipelo tsa lona, le ntoo feta; hobane ke ka baka leo le fetang pela mohlanka wa lona. Ba re: Etsa jwalokaha o boletse.

Ver Capítulo Copiar




Genese 18:5
12 Referencias Cruzadas  

Aborahama a potlakela ho Sara, ka tenteng, a re: “Phakisa o nke dirotwana tse tharo tsa phofo e thumisehileng, o e dube, o etse maqebekwane.”


Bonang, ke na le baradi ba babedi, ba eso robale le monna; ha ke mpe ke le tlisetse bona, le etse seo le se ratang ka bona. Feela banna bana bona le se ke la ba etsa letho, hobane ba tshireletsong ya ka.”


Jakobo a re: “Tjhe bo, ke a o rapela; haeba o nkgauhetse, amohela mpho eo ke o neang yona, hobane ke bone sefahleho sa hao, jwalokaha eka ke bona sefahleho sa Modimo, mme wa nkamohela ka thabo.


Yare ha mosadi a re o a ya, Elia a boela a mo howeletsa, a re: “Ke a o kopa: Ako ntlisetse le thathana ya bohobe.”


le veine, ho thabisa pelo ya motho; le ole, fahleho sa hae se be moropotsana, le dijo, ho matlafatsa mmele wa hae.


Bonang Morena, Morena mabotho, o kgatheng la ho amoha Jerusalema le Juda, tsohle tseo di iphedisang ka tsona, a di amohe dijo tsohle le metsi wohle.


O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng;


Manowa a re ho lengeloi la Morena: “A re ke re o tshwarelle ho se hokae, re ke re o hlabele potsanyane.”


Lengeloi la Morena la re ho Manowa: “Le hoja le ntshwarella, nke ke ka ja dijo tsa lona, empa haeba le etsa nyehelo ya setjheso, le e nyehelle Morena.” Manowa o ne a sa tsebe hore eo ke lengeloi la Morena.


Ka letsatsi la bone, ba tsoha ka madungwadungwana, ba tsohella tseleng. Ntata ngwanana a re ho mokgwenyana wa hae: “Ako je thathana ya bohobe, o nto tsamaya.”


Se ke wa tloha mona, ke a o rapela, ho fihlela ke ba ke kgutlela mona ho wena, ke o tlisetsa nyehelo ya ka, ke e bea kapele ho wena.” Morena a re: “Ke tla ema mona ho fihlela o ba o kgutla.”


Yaba Gideone o kena ka tlung ya hae, o hlaba potsanyane, o a e pheha, mme ka phofo e thumisehileng, e ka bang boima ba dikilo tse leshome, a etsa dikuku tse sa lomoswang. A nka nama, a e kenya ka serotong, a tshela moro ka pitseng, a di tlisetsa Morena a le katlasa sefate sa eike, a mo nea tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos