Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 18:3 - BIBELE

3 a re: “Morena wa ka, haeba kajeno o nkgauhetse, ke a o rapela, o se ke wa feta ha mohlanka wa hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 a re: Morena ka, ha ekaba ke bone mohau mahlong a hao, oho, o se ke wa fapoha mohlanka wa hao.

Ver Capítulo Copiar




Genese 18:3
8 Referencias Cruzadas  

A phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo ba eme pela hae. Yare ha a ba bona, a tloha monyakong wa tente, a mathela ho bona ho ba kgahlanyetsa. A fihla a itihela fatshe,


A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, le phomole tlasa sefate.


Labane a re: “Kena, wena ya hlohonolofaditsweng ke Morena; o emetseng kantle? Ke se ke o lokiseditse ntlo le sebaka sa dikamele.”


Ke na le dikgomo, le ditonki, le mehlape ya dinku, le bahlanka, le makgabunyane, mme ke behela wena morena wa ka hore o tle o nkgauhele.’ ”


Monga Josefa a mo hauhela, mme Josefa a mo sebeletsa. Monga hae a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le molaodi wa tsohle tseo a nang le tsona.


Se ke wa tloha mona, ke a o rapela, ho fihlela ke ba ke kgutlela mona ho wena, ke o tlisetsa nyehelo ya ka, ke e bea kapele ho wena.” Morena a re: “Ke tla ema mona ho fihlela o ba o kgutla.”


Yaba Gideone o kena ka tlung ya hae, o hlaba potsanyane, o a e pheha, mme ka phofo e thumisehileng, e ka bang boima ba dikilo tse leshome, a etsa dikuku tse sa lomoswang. A nka nama, a e kenya ka serotong, a tshela moro ka pitseng, a di tlisetsa Morena a le katlasa sefate sa eike, a mo nea tsona.


Lengeloi la Morena la re ho yena: “Nka nama le dikuku tse sa lomoswang, o di bee hodima lefika lena, o tshele moro hodima tsona.” Gideone a etsa jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos