Esthere 7:3 - BIBELE3 Yaba mofumahadi Esetere o a araba, o re: “Oho, kgosi ya ka, haeba o nkgauhetse, mme eba o ka kgahlwa ho etsa jwalo, thapedi ya ka, le kopo ya ka, ke hore bophelo ba ka, le ba setjhaba sa heso, bo baballwe. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Mofumahadi Esthere a araba, a re: Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a hao, morena, ha morena a ka dumela, a nke ke fuwe bophelo ba ka ka kopo ya ka le bophelo ba setjhaba sa heso ka qoso ya ka; Ver Capítulo |
mme a re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, mme eba kgosi e nkgauhetse, le ntho ena e bonahala e le molemo ho kgosi, mme eba le nna ke kgahla kgosi, a ho ke ho ngolwe mangolo a hlakolang seo Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, a ileng a se ngola hore ho timetswe Bajuda ba dinaheng tsohle tsa kgosi.