Esthere 7:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 Mofumahadi Esthere a araba, a re: Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a hao, morena, ha morena a ka dumela, a nke ke fuwe bophelo ba ka ka kopo ya ka le bophelo ba setjhaba sa heso ka qoso ya ka; Ver CapítuloBIBELE3 Yaba mofumahadi Esetere o a araba, o re: “Oho, kgosi ya ka, haeba o nkgauhetse, mme eba o ka kgahlwa ho etsa jwalo, thapedi ya ka, le kopo ya ka, ke hore bophelo ba ka, le ba setjhaba sa heso, bo baballwe. Ver Capítulo |
Akasia a romela hape la boraro molaodi wa ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano; mme molaodi wa boraro wa ba mashome a mahlano a nyoloha, a tla, a kgumama ka mangole pela Elia, a mo rapela, a re ho yena: Monna wa Modimo, bophelo ba ka le bophelo ba bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano e be ba bohlokwa mahlong a hao.
a re: Ha morena a dumela, leha ke fumane mohau pela hae, ha taba ya ka e lokile pela morena, hape ha ke le ya kgahlehang mahlong a hae, ho ke ho ngolwe, ho fetolwe mangolo a ngodilweng ka bohlale ba Hamane, mora Hammedatha, Moagage, a ngodilweng ke yena ho timetsa Bajuda ba dinaheng tsohle tsa morena;