Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 7:4 - BIBELE

4 Rona le setjhaba sa heso, re se re rekisitswe hore re timetswe, re bolawe, re ripitlwe. Haeba re ne re rekisitswe hore re be makgoba le makgabunyane, nka be ke kgutsitse, hobane leha re ne re ka hlokofatswa ho ne ho ke ke ha tshwana leha kgosi e ne e lahlehelwa ke rona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 hobane ho rekisitswe ka nna le ka setjhaba sa heso hore re fediswe, re bolawe, re timeletswe. Hojane ebeba ho rekisitswe ka rona, hore re tle re etswe makgoba a banna le a basadi, nkabe ke kgutsitse; empa motshwenyi a ka sitwa ho lefa seo morena a tla senyehelwa ke sona.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 7:4
18 Referencias Cruzadas  

Le hoja rona, le bana babo rona re le madi a le mang, le bana ba rona e le ba bohlokwa jwaloka bana ba bona, feela re tlameha ho fetola bara ba rona makgoba, le baradi ba rona makgabunyane. Ba bang ba baradi ba rona e se e le makgabunyane, empa re hloka matla a ho ba lopolla, hobane masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara, e se e le tsa ba bang.”


Maqosa a isa mangolo ana dinaheng tsohle tsa kgosi, hore ka tsatsi le le leng, la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, ho tle ho timetswe, ho bolawe, ho ripitlwe Bajuda bohle, ba batjha le maqheku, masea le basadi, mme ho hapuwe tsohle tsa bona.


Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho ngolwe taelo ya hore tjhaba seo se timetswe; mme tjhelete e tla lefa ba tla phetha mosebetsi oo, e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse makgolo a mararo le mashome a mane, ke tla e kenya letloleng la kgosi.”


Yaba kgosi Ahashuerushe o araba mofumahadi Esetere, o re: “Ke mang yena eo? O kae yena eo ya bileng le sebete sa ho etsa jwalo?”


Esetere a re: “Mohlorisi eo, le sera seo se re hloileng, ke Hamane enwa ya kgopo!” Hamane a tshoha hoo kgosi le mofumahadi ba ileng ba lemoha.


Mangolong ana kgosi ya fana ka tumello ya hore Bajuda ba metseng yohle ba kgobokane, mme ba itshireletse ka ho fedisa, le ho bolaya, le ho ripitla mabotho a setjhaba sefe kapa sefe, le naha efe kapa efe e ka ba futuhelang. Ba timetse masea le basadi, ba ikgapele maruo a batho bao.


Nka tiisetsa jwang ho bona bobe bo tla etswa ho setjhaba sa heso? Kapa nka tiisetsa jwang ho bona bang ka nna ba timetswa?”


Empa eitse ha Esetere a fihla kapele ho kgosi, yaba kgosi e laela ka mangolo hore morero wa Hamane o kgopo, oo a o reretseng Bajuda, o boyane le yena, le hore yena le bara ba hae ba fanyehwe sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona.


Kahodimo ho mahosana ana a bea baokamedi ba bararo, mme Daniele e ne e le e mong wa bona. Mahosana a ne a ikarabella ho bona, e le hore kgosi e se ke ya senyehelwa ke letho.


Le rekisitse baahi ba Juda le ba Jerusalema ho Bagerike, e le hore le ba ise hole le naha ya habo bona.


Morena o bua tjena: “Baiseraele le bona ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ya lokileng ba mo rekisa tjhelete, mofutsana ba mo rekise meqathatso.


Empa ha mohlanka eo a re ka pelong ya hae: ‘Monga ka o dieha ho fihla,’ ebe o qala ho otla bahlanka le makgabunyane, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa,


Morena o tla le kgutlisetsa Egepeta hape ka dikepe, ka tsela eo ke ileng ka bua ka yona ho lona, ka re: ‘Le ke ke la hlola le e bona hape.’ Teng le tla ithekisa ho dira tsa lona hore le be makgoba le makgabunyane, empa ha ho ya tla le reka.”


Ka baka lena he, le rohakehile, mme ha le ka ke la phetsa ho ba makgoba a rwallelang ntlo ya Modimo wa ka patsi, a e kgellang metsi.”


Dula le nna, o se ke wa tshaba, hobane ya batlang ho mpolaya, le wena o batla ho o bolaya. O tla sireletseha ha o le ho nna mona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos