Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 6:4 - BIBELE

4 Kgosi ya re: “Ke mang ya ka seotlwaneng?” Ka yona nako eo Hamane o ne a sa tswa kena ka seotlwaneng se kantle ho ntlo ya kgosi, ho ya bua le kgosi hore e fanyehe Moredekai sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, seo a mo lokiseditseng sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Morena a re: Ya lebaleng ke mang? Kanthe Hamane o fihlile lebaleng le kahare ho ntlo ya morena, a tlile ho kopa ho morena hore ho fanyehwe Mordekai sefateng seo a mo lokiseditseng sona.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 6:4
12 Referencias Cruzadas  

“Bahlanka bohle ba kgosi, le setjhaba sohle se dinaheng tsa kgosi, ba a tseba hore mang kapa mang, e ka ba monna kapa mosadi, ya kenang ka seotlwaneng se kahare sa kgosi, a sa bitswa, molao o mong feela: Ke hore a bolawe, haese feela eo kgosi e ka mo supang ka lere la yona la kgauta, hore a se ke a bolawa. Empa e se e le matsatsi a mashome a mararo ke eso ka ke bitswa hore ke ye ho kgosi.”


Ka letsatsi la boraro Esetere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a ya ema kahare ho seotlwana sa ntlo ya kgosi, a tobana le ntlo ya kgosi. Kgosi e ne e dutse teroneng ya yona, ka tlung ya bokgosi, kapele ho monyako wa ntlo.


Bo-Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, ba re ho yena: “A re hlomeng sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme hosasane o bue le kgosi hore Moredekai a fanyehwe ho sona, ebe jwale o ya moketeng le kgosi, ho ya ithabisa.” Taba ena ya kgahla Hamane, a ba a re ho hlongwe sefate seo ho fanyehwang batho ho sona.


Yaba kgosi e re: “Moredekai o kile a newa tlotla efe le hlompho efe ka ketso eo?” Bahlanka ba kgosi ba neng ba e sebeletsa, ba re: “Ha ho letho leo a kileng a le etsetswa!”


Bahlanka ba kgosi ba re ho yona: “Ke Hamane ya emeng ka seotlwaneng.” Kgosi ya re: “Ereng a kene!”


Harebona, e leng e mong wa mahaole a sebeletsang kgosi, a re: “Bonang! Lapeng ha hae, Hamane o hlomme sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi. O se hlometse ho fanyeha Moredekai ya neng a bolelle kgosi taba tse ileng tsa e tswela molemo.” Yaba kgosi e re: “Fanyehang Hamane hona sefateng seo!”


ka maraba a bona o tshwasa bo-ramasene, maqheka a bona a fetoha lefeela.


Ya dutseng teroneng, lehodimong, o a ba tsheha, Morena o a ba soma.


e le hore a tle a ba lopolle lefung, le ho ba phedisa nakong ya tlala.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos