Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 6:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Morena a re: Ya lebaleng ke mang? Kanthe Hamane o fihlile lebaleng le kahare ho ntlo ya morena, a tlile ho kopa ho morena hore ho fanyehwe Mordekai sefateng seo a mo lokiseditseng sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Kgosi ya re: “Ke mang ya ka seotlwaneng?” Ka yona nako eo Hamane o ne a sa tswa kena ka seotlwaneng se kantle ho ntlo ya kgosi, ho ya bua le kgosi hore e fanyehe Moredekai sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, seo a mo lokiseditseng sona.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 6:4
12 Referencias Cruzadas  

Bahlanka bohle ba morena le setjhaba sa dinaha tsa morena, ba tseba hoba motho, kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, ha a ka kena ho morena lebaleng le kahare a sa bitswa, molao o teng o sa fetoheng o laelang hore a bolawe, haese ha morena a ka mo nanabelletsa lere la hae la kgauta, a tle a phele; athe nna ha ke eso ho bitswe hore ke kene ho morena e se e le tshiu tse mashome a mararo.


Ka tsatsi la boraro, Esthere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a itlhahisa lebaleng le kahare ho ntlo ya morena, kapele ho ntlo ya morena; morena o ne a dutse teroneng ya mmuso wa hae tlung ya borena, maloka le monyako wa ntlo.


Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae, ba re ho yena: Ho ke ho emiswe sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, mme hosasane, o kope ho morena hore Mordekai a fanyehwe ho sona; jwale wena, o tla ya dijong le morena o thabile. Taba eo ya kgahla Hamane, mme a laela hore ho emiswe sefate.


Morena a re: Hlompho le kganya ke dife tseo Mordekai a di etseditsweng bakeng seo? Bahlanka ba sebeletsang morena, ba re: Ha a ka a etsetswa letho.


Bahlanka ba morena ba re ho yena: Hamane ke enwa, o eme lebaleng. Morena a re: A ke a kene.


Tona e nngwe, Karbona, ya re ho morena: Bona, sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, seo Hamane a se emiseditseng Mordekai, ya buileng hantle bakeng sa morena, se hlomilwe tlung ya Hamane. Morena a re: Mo fanyeheng ho sona.


O tshwasa diqweleqwele manong a tsona, mme morero wa ba lonya o a o heletsa.


Ya dutseng mahodimong o a ba tseha, Jehova o soma ka bona,


ho holla meya ya bona lefung le ho ba phedisa mehleng ya tlala.


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos