Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 6:3 - BIBELE

3 Yaba kgosi e re: “Moredekai o kile a newa tlotla efe le hlompho efe ka ketso eo?” Bahlanka ba kgosi ba neng ba e sebeletsa, ba re: “Ha ho letho leo a kileng a le etsetswa!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Morena a re: Hlompho le kganya ke dife tseo Mordekai a di etseditsweng bakeng seo? Bahlanka ba sebeletsang morena, ba re: Ha a ka a etsetswa letho.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 6:3
12 Referencias Cruzadas  

Moqhatsetsi e moholo a se ke a hlola a hopola Josefa, a mo lebala.


Davida a re: “Mang kapa mang ya tla bolaya Mojebuse pele, e tla ba molaodi e moholo.” Joabe, mora wa Seruya, a tlola pele, mme ya eba yena molaodi.


Ha fumanwa bukeng eo ho ngotswe hore Moredekai o kile a sebela kgosi tsa morero wa bo-Bigitane le Tereshe wa ho bolaya kgosi. Bana e ne e le mahaole a mabedi a kgosi, e bile e le balebedi ba monyako, ba neng ba batla ho bolaya kgosi Ahashuerushe.


Kgosi ya re: “Ke mang ya ka seotlwaneng?” Ka yona nako eo Hamane o ne a sa tswa kena ka seotlwaneng se kantle ho ntlo ya kgosi, ho ya bua le kgosi hore e fanyehe Moredekai sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, seo a mo lokiseditseng sona.


Motsaneng oo ho ne ho ena le monna e mong ya futsanehileng, ya bohlale, eo ka bohlale ba hae a ileng a o lopolla; feela ha ho ya kileng a mo hopola.


Ke utlwile hore o tseba ho etsa ditlhaloso, le ho araba dipotso tse thata. Jwale, haeba o ka bala mongolo ona, wa ba wa ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, o rweswe sekgama sa kgauta molaleng, mme o be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”


Yaba Beleshasare o laela hore Daniele a apeswe diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, mme ho phatlalatswe hore e tla ba mmusi wa boraro pusong ya hae.


Kgosi ya howeletsa hore ho bitswe balepi ba dinaledi, le Bakalaitya, le badupi. Ya bua le dinohe tsa Babilona, ya re: “Mang kapa mang ya ka balang mongolo ona, mme a ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, e be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos