Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 1:18 - BIBELE

18 Hona kajeno, dikgosatsana tsa Peresiya le Media tse utlwileng tsa boitshwaro bona ba mofumahadi, di tla etsa jwalo ho mahosana a kgosi, mme ho hlomphollana le ho halefelana ho ke ke ho hlola ho fela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ha ho le jwalo, ho tloha tsatsing lena, mafumahadi a Persia le Media a utlwileng ketso ya mofumahadi, a tla bua taba e le nngwe ho mahosana a morena, mme nyediso le kgalefo e ngata di tla ba teng.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 1:18
4 Referencias Cruzadas  

O ne a ena le basadi ba makgolo a supileng, bao e neng e le dikgosatsana, a ena le basadi ba mafielo ba makgolo a mararo. Basadi bana ba hae ba mo kgelosa.


Ketso ena ya mofumahadi e tla phatlalla, e fihle ho basadi bohle, mme ka hona ba tla tella banna ba bona, ha ba utlwa hore kgosi Ahashuerushe o ile a laela mofumahadi Fashiti hore a tle ho yena, empa mofumahadi a hana ho tla.


“Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho tswe taelo ya kgosi, mme e ngolwe melaong ya Peresiya le ya Media, e le hore taelo eo e se ke ya fetolwa, ho thwe Fashiti a ke ke a hlola a ema kapele ho kgosi Ahashuerushe. Ditokelo tsa hae tsa bofumahadi di newe e mong e motle ho mo feta.


Tse bohlalehlale tsa kgosatsana tsa hae di a mo araba, e, le yena o bile o a ikaraba:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos