Esthere 1:19 - BIBELE19 “Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho tswe taelo ya kgosi, mme e ngolwe melaong ya Peresiya le ya Media, e le hore taelo eo e se ke ya fetolwa, ho thwe Fashiti a ke ke a hlola a ema kapele ho kgosi Ahashuerushe. Ditokelo tsa hae tsa bofumahadi di newe e mong e motle ho mo feta. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)19 Jwale, ha morena a dumela, taelo ya mmuso e ke e etswe ho yena, mme e ngolwe bukeng ya melao ya Persia le Media, e be e se nang ho fetoha, ya ho re, Vashti a se ke a hlola a etla pela morena Assueruse, mme morena a ke a nee bofumahadi ba hae ho e mong ya mo fetang ka molemo. Ver Capítulo |
mme a re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, mme eba kgosi e nkgauhetse, le ntho ena e bonahala e le molemo ho kgosi, mme eba le nna ke kgahla kgosi, a ho ke ho ngolwe mangolo a hlakolang seo Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, a ileng a se ngola hore ho timetswe Bajuda ba dinaheng tsohle tsa kgosi.