Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esthere 1:17 - BIBELE

17 Ketso ena ya mofumahadi e tla phatlalla, e fihle ho basadi bohle, mme ka hona ba tla tella banna ba bona, ha ba utlwa hore kgosi Ahashuerushe o ile a laela mofumahadi Fashiti hore a tle ho yena, empa mofumahadi a hana ho tla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Hobane ketso eo ya mofumahadi e tla tuma hara basadi bohle, mme banna ba bona ba tla nyediseha mahlong a bona, ba be ba re: Morena Assueruse o ne a laetse hore ho tliswe mofumahadi Vashti pela hae, empa o hanne ho tla.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 1:17
5 Referencias Cruzadas  

Ha areka ya Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, mme a bona kgosi Davida a ntse a tlala, a etsa menyakwe kapele ho Morena; a mo nyedisa ka pelong ya hae.


Ha Ahashuerushe a qala ho busa, bahanyetsi ba mo ngolla lengolo, leo ka lona ba qosang baahi ba naha ya Juda le ba Jerusalema.


Yaba Memukane o araba a le kapele ho kgosi le mahosana, o re: “Mofumahadi Fashiti ha a ya sitelwa kgosi feela, empa o sitetswe le mahosana wohle, le ditjhaba tsohle tse dinaheng tse buswang ke kgosi Ahashuerushe.


Hona kajeno, dikgosatsana tsa Peresiya le Media tse utlwileng tsa boitshwaro bona ba mofumahadi, di tla etsa jwalo ho mahosana a kgosi, mme ho hlomphollana le ho halefelana ho ke ke ho hlola ho fela.


Ha ho le jwalo, e mong le e mong wa lona a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata; mosadi le yena a homphe monna wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos