Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 6:13 - BIBELE

13 Jwale Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a ba nea taelo e amang bana ba Iseraele, le e amang Faro, kgosi ya Egepeta, hore a lokolle bana ba Iseraele ba tswe naheng ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jehova a bua le Moshe le Aarone, a ba nea molaetsa ho bana ba Iseraele le ho Faro, morena wa Egepeta, ho ntsha bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 6:13
14 Referencias Cruzadas  

O tla laela mangeloi a hae, a o lebele ditseleng tsohle tsa hao.


Empa Moshe a re ho Morena: “Bona, bana ba Iseraele ha ba a ka ba mmamela; jwale Faro yena a ka mmamela jwang, nna eo molomo wa ka o se nang bokgeleke ba puo?”


Ana ke mabitso a dihlooho tsa malapa a Iseraele. Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ke Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi. Ana ke wona malapa a Rubene.


Arone le Moshe ke bona bao Morena a neng a re ho bona: “Ntshang bana ba Iseraele naheng ya Egepeta, ho ya ka mabotho a bona.”


o mo ise kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho setjhaba sohle, o mo nee ditaelo moo se ntseng se bona.


a mmea matsoho, a mo laya, jwalokaha Morena a boleletse Moshe.


a re ho yena: “Haeba o Mora wa Modimo, itihele, hobane ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla laela mangeloi a hae, mme a tla o kgakeletsa ka diatla, esere leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe.’ ”


Morena a re ho Moshe: “Bona, matsatsi a ho shwa ha hao a ntse a atamela. Bitsa Joshua, o tle le yena ka Tenteng ya Morena, mme ke tla mo nea taelo.” Bo-Moshe le Joshua ba ya, ba kena ka Tenteng ya Morena.


Timothea, ngwanaka, ke ena taelo eo ke o fang yona, ho ya ka dipolelo tsa boporofeta bo boletsweng ka wena. Ka tsona lwanela Modimo senna,


Ka Modimo, le ka Kreste Jesu, le ka mangeloi a kgethilweng, ke ipiletsa ho wena, ke re: Tsena o di boloke o se na leeme, o sa ye ka tshobotsi.


Mahlong a Modimo, yena ya phedisang tsohle, le mahlong a Kreste Jesu, ya ileng a etsa bopaki ba nnete kapele ho Pontiuse Pilato, ke o laela hore


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


Ha ho ya hlabanang ya ka itshitisang ka ditaba tsa bophelo bona, haeba a rata ho kgahlisa molaodi ya mo thotseng.


Pela Modimo le Kreste Jesu, yena ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng, le ka baka la boiponahatso ba hae le ka Mmuso wa hae, ke ipiletsa ho wena, ke re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos