Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 6:14 - BIBELE

14 Ana ke mabitso a dihlooho tsa malapa a Iseraele. Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ke Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi. Ana ke wona malapa a Rubene.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Dihlooho tsa matlo a bontata bona ke tsena: Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele: Henoke, Pallu, Hetsrone le Karmi. Mefuta ya Rubene ke yona eo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 6:14
17 Referencias Cruzadas  

Bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.


le bara ba Rubene: Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi.


Dihlooho tsa malapa abo bona ke tsena: Efere, le Ishi, le Eleele, le Asariele, le Jeremia, le Hodafiya, le Jahediele. E ne e le bahale ba tumileng, e bile e le dihlooho tsa malapa abo bona.


Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ke bana: Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi.


Bara ba Tola e ne e le Usi, le Refaya, le Jeriele, le Jahemai, le Jibesame, le Samuele. E ne e le dihlooho tsa malapa a ntata bona Tola, e bile e le bahale. Mehleng ya Davida palo ya ditloholo tsa Tola e ne e le dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi le makgolo a tsheletseng.


Bara ba Bela bona e ne e le Esebone, le Usi, le Usiele, le Jerimote, le Iri. Ba ne ba le bahlano. E ne e le dihlooho tsa malapa abo bona, e bile e le bahale. Bukeng eo ba ngotsweng ho yona, ba ne ba le dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le mashome a mararo a metso e mene.


Bana ke bara ba Ehude, e leng bona dihlooho tsa malapa a ba neng ba ahile Geba, ba ileng ba fallisetswa Manahate.


Jwale Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a ba nea taelo e amang bana ba Iseraele, le e amang Faro, kgosi ya Egepeta, hore a lokolle bana ba Iseraele ba tswe naheng ya Egepeta.


Eleasare, mora wa Arone, a nka e mong wa baradi ba Putiele, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Finease. Ana ke mabitso a dihlooho tsa Balevi, ho ya ka malapa a bona.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, ba kgobokanya setjhaba sohle. Monna e mong le e mong, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, a bolela lebitso la hae le leloko la hae, ho ya ka morabe wa hae le lelapa la hae.


Bara ba Simeone, ho ya ka malapa abo bona, ke Nemuele, ya tswetseng morabe wa Nemuele; le Jamine, ya tswetseng morabe wa Jamine; le Jakine, ya tswetseng morabe wa Jakine;


Moshe a abela bana ba morabe wa Rubene naha, ho ya ka malapa abo bona.


Moedi wa bana ba Rubene o ne o fella Jorodane. Lena e ne e le lefa la bana ba Rubene, ho ya ka malapa abo bona, e leng metse le metsana ya yona.


Tsena ke dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di ja lefa naheng ya Kanana. Ba ne ba di abelwe ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa malapa a merabe ya bana ba Iseraele.


Ena ke naha e ileng ya ajwa ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le bao e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, ba merabe ya bana ba Iseraele; ba e aba ka lotho ba le Shilo, kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena. Yaba jwale ba qetile ho aba naha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos