Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 6:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jehova a bua le Moshe le Aarone, a ba nea molaetsa ho bana ba Iseraele le ho Faro, morena wa Egepeta, ho ntsha bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Jwale Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a ba nea taelo e amang bana ba Iseraele, le e amang Faro, kgosi ya Egepeta, hore a lokolle bana ba Iseraele ba tswe naheng ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 6:13
14 Referencias Cruzadas  

hobane o tla o laella mangeloi a hae, a tle a o boloke ditseleng tsa hao kaofela.


Moshe a bua pela Jehova, a re: Bona, bana ba Iseraele ha ba ka ba nkutlwa, mme Faro a ka nkutlwa jwang, nna ke leng motho ya molomo o thata?


Dihlooho tsa matlo a bontata bona ke tsena: Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele: Henoke, Pallu, Hetsrone le Karmi. Mefuta ya Rubene ke yona eo.


Ke bona boAarone le Moshe, bona bao Jehova a itseng ho bona: Ntshang bana ba Iseraele Egepeta ka makgotla a bona.


O mmee pela moprista Eleasare le pela phutheho yohle, mme o mo nee ditaelo pontsheng ya bona.


a bea matsoho a hae hodima hae, mme a mo nea ditaelo, kamoo Jehova a neng a boleletse Moshe kateng.


a re ho yena: Ekare ha o le Mora wa Modimo, o itihele fatshe; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla o laella mangeloi a wona, mme a tla o kgakeletsa matsohong a wona, hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.


Jehova a re ho Moshe: Bona, letsatsi la ho falla ha hao le atametse; bitsa Joshua, mme le itlhahise tenteng ya pokano, ke tle ke mo laele. Moshe le Joshua ba ya, ba itlhahisa tenteng ya pokano.


Timothea, ngwana ka, taelo eo ke o beelang yona ke hore, jwalokaha ho kile ha porofetwa pele hodima hao, o nne o lwane ntwa e molemo, o ntse o eya ka tseo tse porofetilweng;


Ke o laela pela Modimo le Morena Jesu Kreste, le mangeloi a kgethilweng, hore taba tseo o di ele hloko, mme o se ke wa phaka wa ahlola, leha e le ho ya ka tshobotsi.


Ke o laela pontsheng ya Modimo o phedisang ntho tsohle, le pontsheng ya Jesu Kreste ya pakileng nnete ka boipolelo ba bokgabane pela Ponse Pilato, ke re:


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


Ya yang ntweng ha a itshitse ka ditaba tsa bophelo bona, a tle a kgahlise ya mo memileng.


Ke o laela ke hona haholo pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tlang ho ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang ka mmuso wa hae, ke re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos