Eksoda 31:3 - BIBELE3 Ke mo file Moya wa Modimo, le bohlale, le kelello, le tsebo ya mesebetsi yohle: Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 ke mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale, ka kutlwisiso, ka tsebo, hore a tle a tsebe ho etsa mesebetsi ya mefutafuta, Ver Capítulo |
Hirame e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa morabe wa Nafthali. Ntatae e ne e le moahi wa Tire, e le sethudi sa lethose. Le yena Hirame o ne a hlalefile, a ena le kutlwisiso, le masene a ho etsa mesebetsi yohle e etswang ka lethose. Yaba o tla ho kgosi Solomone, mme a etsa mosebetsi wohle wa kgosi.
“Ka lebaka lena, ako nthomelle monna wa setsebi, ya tsebang ho etsa dintho tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa tshepe; ya tsebang le ho etsa masela a perese, le a mafubedu, le a maputswa; ya tla tseba ho rala ditshwantsho, a sebetse le banna ba ditsebi, bao ke nang le bona mona naheng ya Juda le Jerusalema, bao Davida, ntate, a seng a ba hlophile.
Morena o ba neile dipelo tse bohlale, ba tle ba etse mesebetsi yohle ya bolala, le mesebetsi yohle e etswang ke ditsebi, le ya dihomi tsa masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene; le mesebetsi ya dilohi. Bana ke ditsebi tsa mesebetsi ena yohle, le diradi tsa ditshwantsho tsa mesebetsi.