Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 31:2 - BIBELE

2 “Bona, ke bitsitse Besalele, mora wa Uri, mora wa Hure, wa leloko la Juda.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 31:2
14 Referencias Cruzadas  

Hirame e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa morabe wa Nafthali. Ntatae e ne e le moahi wa Tire, e le sethudi sa lethose. Le yena Hirame o ne a hlalefile, a ena le kutlwisiso, le masene a ho etsa mesebetsi yohle e etswang ka lethose. Yaba o tla ho kgosi Solomone, mme a etsa mosebetsi wohle wa kgosi.


Le aletare ya lethose eo Besalele, mora wa Uri, setloholo sa Hure, a neng a e entse, o ne a e hlomme kapele ho Leaho la Morena moo bo-Solomone le setjhaba ba neng ba eya teng ho ya bua le Morena.


Joshua a etsa jwalokaha Moshe a mo laetse, a ya lwantsha Baamaleke; Moshe, le Arone, le Hure ba hlwella hodima tlhoro ya leralla.


Yaba Moshe o re ho Morena: “Bona, o itse ho nna: ‘Nyolla setjhaba sena,’ empa ha o eso mpolelle hore na o tla nthoma le mang, le hoja wena o itse: ‘Ke tseba lebitso la hao, mme ke bile ke o hauhetse.’


Morena a re ho Moshe: “Ntho ena eo o e buileng, le yona ke tla e etsa, hobane ke o hauhetse, mme ke tseba lebitso la hao.”


Yaba Moshe o re ho bana ba Iseraele: “Bonang, Morena o bitsitse Besalele ka lebitso; ke mora wa Uri, mora wa Hure, wa leloko la Juda.


“Jwale Besalele, le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya ho tseba ho etsa mesebetsi yohle ya Sehalalelo, ba tla sebetsa, ba etse mesebetsi eo, ho latela tsohle tseo Morena a di laetseng.”


Besalele a etsa areka ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e ne e le disenthimethara tse lekgolo le leshome, bophara ba yona e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, mme bophahamo ba yona e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.


Besalele, mora wa Uri, mora wa Hure, wa leloko la Juda, a etsa tsohle tseo Morena a di laetseng Moshe.


O ne a thuswa ke Oholeabe, mora wa Ahisamake, wa leloko la Dane. Oholeabe e ne e le lelala, le setsebi sa mesebetsi; le sehomi se homang masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lene, a loehileng.


Johanne a araba, a re: “Motho a ke ke a amohela letho haese ha a le newa le etswa lehodimong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos