Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 31:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 ke mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale, ka kutlwisiso, ka tsebo, hore a tle a tsebe ho etsa mesebetsi ya mefutafuta,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ke mo file Moya wa Modimo, le bohlale, le kelello, le tsebo ya mesebetsi yohle:

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 31:3
12 Referencias Cruzadas  

O nee ke hona mohlanka wa hao pelo e kelello ya ho ahlolela setjhaba sa hao, ke tle ke tsebe ho kgetha botle le bobe. Hobane ke mang ya ka ahlolelang setjhaba sa hao se sekakale?


Yaba Salomone o romela ho lata Hirame wa Tire;


e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa leloko la Nefthali, ntatae e le motho wa Tire, lelala la koporo; e ne e le motho ya nang le kelello le kutlwisiso, le masene a ho sebetsa mesebetsi yohle ya koporo. A tla ho morena Salomone, a sebetsa mesebetsi ya hae yohle.


Ha ho le jwalo, nthomele monna ya masene a ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le sekarelata, le vermilione, le purepera, ya tsebang le ho betla mebetlo yohle, a tle a tlatsane le banna ba masene bao ke nang le bona Juda le Jerusalema, ba seng ba ne ba kgethwe ke ntate Davida.


O bue le banna ba masene, bao ke ba tshetseng ka moya wa hlalefo, ba tle ba etsetse Aarone diaparo tse mo kgethang, hore a tle a sebetse mosebetsi wa boprista pela ka. Diaparo tseo ba tla di etsa, ke tsona tsena:


leha e le ho qapa e meng, ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo,


o mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale le ka kutlwisiso, le ka tsebo ya ho etsa mesebetsi yohle,


O ba tlatsitse ka bohlale, hore ba tle ba sebetse mesebetsi yohle e sebetswang ke dibetli, le diqapi, le dihomi tsa purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle, le dilohi, hore ho etswe mesebetsi yohle e ka sebetswang le e ka qapuwang.


hobane Jehova ke yena ya fanang ka bohlale; tsebo le kutlwisiso di tswa molomong wa hae.


Hobane Modimo wa hae o mo rutile mokgwa o lokileng, o mo tsebisitse kamoo ho ka etswang kateng.


e be yena moya wa kahlolo ho ya dutseng ho ahlola, le matla a ba lelekisang dira ho isa dikgorong tsa motse wa tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos