Jwale, Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya tsebo le ya ketso, ba tla ho etsa mosebetsi wohle wa tshebeletso ya sehalalelo, kahohle kamoo Jehova a laetseng kateng.
Ba ne ba baballa areka, le tafole, le kandelare, le dialetare, le mesebetsi ya sehalalelo, eo ho etswang tshebeletso ka yona, le lesira, le tsona dintho tse yang le lona.