Jowashe a re ho baprista: “Tjhelete yohle, eo e leng dimpho tse abetsweng Morena, e tliswang ka Tempeleng ya Morena, e leng tjhelete eo motho ka mong a lekanyeditsweng ho e ntsha, le e lekanyeditsweng ba tlasa taolo ya hae, le tjhelete yohle eo motho a e ntshetsang Tempele ya Morena ka boithaopo;
Ba tlisetsa Moshe Leaho, le masela a le kwahelang, le tsohle tsa lona, le dihokelo tsa lona, le dithupa tsa lona, le maballo a lona, le ditshiya tsa lona, le ditshehetso tsa tsona.
“Amohela dinyehelo tsa mahosana ana, e le hore dintho tsena di tle di sebediswe ha ho sebeletswa ka Tenteng ya Morena. O di abele Balevi, monna ka mong o mo abele ho ya ka mosebetsi wa hae.”