Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 25:2 - BIBELE

2 “Bua le bana ba Iseraele, o re ba nntshetse dimpho. Le amohele dimpho tsa ka ho motho ka mong ya ithaopang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bua le bana ba Iseraele hore ba nntshetse kabelo ya seo ba nang le sona; le amohele kabelo ya motho ka mong ya nntshetsang yona ka pelo e ntle.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 25:2
16 Referencias Cruzadas  

Bohle ba neng ba ahisane le bona ba ba thusa ka dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, ntle ho dimpho tsa boithaopo.


E ile yare ha batho bana ba fihla Tempeleng ya Morena e Jerusalema, ba bang ba dihlooho tsa malapa abo bona ba etsetsa Tempele ya Modimo dinyehelo tsa boithaopo, hore ba boele ba e hahe setsheng sa yona sa pele.


Kamora moo ba nna ba etsa le dinyehelo tsa setjheso tse tlwaelehileng tsa mokete wa ho thwasa ha kgwedi, le tsa mekete yohle e beilweng ke Morena, e kgethehileng, le tsa dimpho tsa boithaopo tsa motho ka mong.


O be o nke le silefera yohle, le kgauta yohle, eo o ka e fumanang naheng yohle ya Babilona, mmoho le dimpho tsa boithaopo tsa setjhaba, le tsa baprista, tse etsetswang Tempele ya Morena Modimo wa bona, e Jerusalema.


Setjhaba sa lakaletsa batho bohle ba ileng ba ithaopela ho aha Jerusalema lehlohonolo.


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Ke tsena dimpho tseo le tla di amohela ho bona: kgauta, le silefera, le lethose;


Karolo e le nngwe ho tse leshome, eo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka yona, ke e neile Balevi e le lefa; ke ka baka leo ke itseng ho bona: ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele.”


Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.


Pelo ya ka e rata balaodi ba Iseraele, lona ba ikentseng sehlabelo sa setjhaba ka boithaopo, lona rorisang Morena!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos