Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 25:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Jehova o bua le Moshe, a re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Morena a bua ho Moshe, a re:

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 25:1
11 Referencias Cruzadas  

Ebile Joase o re ho baprista: Haele tjhelete tsohle tse kgethilweng, tse tliswang ka tlung ya Jehova, le ditjhelete tse ntshwang ke e mong le e mong wa setjhaba, e leng ditjhelete tseo motho ka mong a lekanngwang ka tsona, le ditjhelete tsohle tseo motho a ikgopolelang ka pelong ya hae ho di tlisa ka tlung ya Jehova,


Moshe a kena lerung, a hlwella thabeng, mme Moshe a hlola thabeng matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.


Bua le bana ba Iseraele hore ba nntshetse kabelo ya seo ba nang le sona; le amohele kabelo ya motho ka mong ya nntshetsang yona ka pelo e ntle.


Yaba Moshe o bokella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, a re ho bona: Ke tsena ditaba tseo Jehova a laetseng ho di etsa.


Moshe a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, a re: Se laetsweng ke Jehova ke sena:


Ntshang ho tsa lona seo le se abelang Jehova. Motho ka mong eo pelo ya hae e ratang, a ke a tlise se abetsweng Jehova, kgauta, silefera, le koporo;


ole ya ho bonesa, le dibano tsa ole ya setlolo, le dibano tse monko o monate;


Tsohle tsa tshebetso ya tabernakele, e leng tente ya pokano, tsa phethwa jwalo, mme bana ba Iseraele ba etsa ka tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe; ba etsa jwalo.


Yaba Moshe o tlisetswa tabernakele, le tente le mesebetsi yohle ya yona, le dikgoketsane tsa yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;


Bana ba Iseraele ba hla be etsa mosebetsi wohle kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Amohela dintho tseo ho bona, ho tle ho etswe tshebetso ya tente ya pokano ka tsona; o di abele Balevi, o nee e mong le e mong ka tshebetso ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos