Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:26 - BIBELE

26 Ha o nka seaparo sa e mong e se bea paneng, o tle o se busetse ho yena letsatsi le eso dikele,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Leha o ka nka seaparo sa wa heno ho se etsa tebeletso, o tle o e buse letsatsi le eso ho dikele;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:26
16 Referencias Cruzadas  

O nkile peeletso ho ngwaneno a se na molato, ba hlobotseng bona wa ba hlokisa le nketlana.


Tonki ya kgutsana ba e kgothela pele, pholo ya mohlolohadi ba e nkele peeletso.


A robala a le feela ke ho hloka kaparo, rame se fella hodima wona ke ho hlobola.


“Kgutsana e hlothwa letsweleng, tsweleng la mma yona, mofutsana o lefa molato ka lesea la hae.


Dillo tsa mafutsana ba di fihlisitse ho yena, dillo tsa bahlomohi Modimo o a di utlwa.


Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana.


Motho wa batho ha a ipiletsa ho Morena, Morena o a mo utlwa, o mo pholosa matshwenyehong wohle a hae.


Ya itlamang ka molato wa e mong, o mo nkele kobo ya hae, o e bee paneng ha a itlamme ka molato wa motho eo.


Ha o hloka seo o lefang ka sona ba tla o hlakola esita le moalo wa hao.


a eso ka a hatella motho, a eso batle peeletso ho maodimi, a eso tlatlape motho a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa;


motho ya eso ka a hatella motho, ya buseleditseng moadimi, a mmuseletsa peeletso ya hae, ya eso tlatlape motho, a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng, a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa;


o kgutlisa se neng se beilwe paneng, o kgutlisa le seo a neng a se utswitse, o boloka ditaelo tse phedisang, ha a sa hlola a etsa bokgopo, ruri o tla phela, a ke ke a shwa.


Kathoko ho aletare tsohle ba a robala, ba robale ka kobo tse beilweng paneng. Ka Tempeleng ya Modimo wa bona ba nwela veine eo ba lefilweng ka yona.


“O se ke wa sotha kahlolo ya moditjhaba kapa ya kgutsana, mme o se ke wa nka seaparo sa mohlolahadi hore se bewe paneng.


“Ho se be ya ka reng motho a bee lelwala la hae, kapa tshilo ya hae paneng, hobane hoo ke hore motho a bee paneng ntho e mo phedisang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos