Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:25 - BIBELE

25 “Ha o adima mofutsana e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, o se be jwaloka baadimani ba tjhelete, wa batla tswala ya yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Leha o adima e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, kapa e leng mofutsana ya leng ha hao, o se ke wa mo etsa kamoo ho ka etsang ya adimelang phaello kateng; o se ke wa mo tlamela phaello.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:25
20 Referencias Cruzadas  

Mosadi e mong, eo monna wa hae e neng e le e mong wa sehlopha sa baporofeta, a fihla ho Elisha, a re: “Mohlanka wa hao, e leng monna wa ka, o shwele. O a tseba hore mohlanka eo wa hao o ne a hlompha Morena. Jwale motho eo monna wa ka a neng a nkile molato ho yena, o tlile ho tla nka bara ba ka ba babedi, ho ya ba etsa makgoba a hae.”


Mosadi eo a tla, a bolella moporofeta wa Modimo, mme yena a re: “Tsamaya, o yo rekisa ole ena, o lefe molato wa hao. Wena le bara ba hao le tla iphedisa ka e setseng.”


Ka imamella dintho tsena, mme ka kgalemela mahosana le babusi, ka re ho bona: “Le lefisa bana babo lona tswala!” Yaba ke ba etsetsa pitso e kgolo.


Ha a adimane ka tjhelete ho iphumanela phaello, ha a amohele tjotjo ho ahlola ya se nang molato. Ya etsang tsena a ke ke a sisinngwa le ka mohla.


Ya atisang ruo la hae ka ho le tswadisa, a le atise le ka ho hanyapetsa, o le bokellela ya tla hauhela mafutsana.


Ke madimabe hakaakang, mme, ha o ila wa mpeleha, wa mpelehela hore ke be motho wa diqabang, motho wa meferefere hara lefatshe lohle! Ha ke a ka ka adima kapa ka adimana, empa e mong le e mong o a nthohaka.


a adimana hore a fumane phaello, a bile a inkela tswala e ngata. “Na ya tjee o tla phela? Tjhe, ha a ka ke a ba a phela! Kaha o entse dintho tsena tsohle tse manyala o tla fela a shwe, mme ebe ke yena ya ipolaileng.


ya hanang ho etsa bokgopo, ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya jwalo o mamela ditaelo tsa ka, le melao ya ka o a e boloka. “A ke ke a shwa ka baka la bokgopo ba ntatae; ruri o tla phela.


motho ya eso ka a hatella motho, ya buseleditseng moadimi, a mmuseletsa peeletso ya hae, ya eso tlatlape motho, a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng, a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa;


ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya hanang ho etsa bokgopo, ya ahlolelang batho a se na leeme;


Ba bang ba amohetse tjotjo hore ba tle ba tsholle madi, ba bang ba iphumanela tswala e fetang tekanyo, ba fumana phaello ka ho hanyapetsa ba bang, mme jwale ba ntebetse, ho rialo Morena Modimo.


Kathoko ho aletare tsohle ba a robala, ba robale ka kobo tse beilweng paneng. Ka Tempeleng ya Modimo wa bona ba nwela veine eo ba lefilweng ka yona.


O ka be o ile wa isa tjhelete ya ka bankeng, etlere mohla ke kgutlang ke e amohele e se e ena le phaello.


Ke hobaneng ha o sa ka wa bea tjhelete ya ka bankeng? Ha ke kgutla nka be ke ile ka e ntsha hammoho le phaello!’


“Haeba hara lona ho ena le ya hlokang, e le e mong wa bana babo lona, ya motseng ofe kapa ofe wa metse e naheng eo Morena Modimo wa lona, a tla le nea yona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, mme le se ke la tima ngwanabo lona ya hlokang.


Ruri ha letsatsi le dikela, o e kgutlisetse ho yena, hore a tle a robale ka kobo ya hae, mme a o hlohonolofatse. Ho wena e tla ba o entse toka kapele ho Morena Modimo wa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos