Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Leha o ka nka seaparo sa wa heno ho se etsa tebeletso, o tle o e buse letsatsi le eso ho dikele;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Ha o nka seaparo sa e mong e se bea paneng, o tle o se busetse ho yena letsatsi le eso dikele,

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:26
16 Referencias Cruzadas  

Hobane o nkile tebeletso ho wa heno feelafeela; o hlobodisitse bahloki, wa nka dikobo tsa bona;


Esele ya kgutsana e a tlatlapuwa, kgomo ya mosadi wa mohlolohadi e bewa tebeletso;


Ba hlola bosiu ba hlobotse, ba se na dikobo; ha ba na moo ba ipolokang serameng.


Ho pshemolawa kgutsana letsweleng, bahloki ba amohuwa tsa bona,


ba nyoloseditse mehoweletso ya basenyehi ho wona, mme o utlwile dillo tsa bahlomohi.


Athe o a bona; hobane o tadima hlokofalo le matshwenyeho, mme o di ngola letsohong la hao. Ya madimabe o itshepetse wena; esale o le moemedi wa kgutsana.


Lengeloi la Jehova le lara pela ba mo tshabang, le a ba boloka.


Mo amoheng kobo, etswe a itlamile ho lefela e mong; o mo tlame bakeng sa osele.


ba ka inkelang diphate tseo o di robetseng, ha o ka hloka seo o lefang ka sona.


a sa tube motho, a sa nke tebeletso, a sa tlatlape, a mpa a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo;


leha a sa tube motho, mme a kgutlisa tebeletso e ntsheditsweng molato, a sa tlatlape, a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo,


ha molotsana a ka busa tebeletso, a busa seo a se utswitseng, a tsamaya ka dikomelo tsa bophelo, a sa etse bokgopo, kannete o tla phela, ha a ka ke a shwa.


mme ba robala dikobong tse nketsweng molato pela dialetare tsohle, ba nwa veine ya ditefo tsa bona tlung ya Modimo wa bona ...


O se ke wa kgopamisa nyewe ya moditjhaba, leha e le ya kgutsana, mme o se ke wa nka kobo ya mosadi wa mohlolohadi ho e etsa tebeletso.


Ho se ke ha eba motho ya nkang lelwala, leha e le tshilo e silang, ho e etsa tebeletso; hobane ke ho nka bophelo ba motho ho bo etsa tebeletso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos