Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:13 - BIBELE

13 Haeba ruri e harotswe, o tla e hlahisa e le bopaki, mme a ke ke a lefiswa se harotsweng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ha e fela e ne e harolwe, a hlahise bopaki; ha a na ho lefa se harotsweng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:13
6 Referencias Cruzadas  

Haeba phoofolo ena e hlile e utswitswe ho yena, o tla buseletsa monga yona.


“Ha motho a adimile phoofolo ho e mong, eba phoofolo eo e hlaha kotsi, kapa e a shwa, monga yona a le sieo, ruri motho eo o tla e lefa.


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ha ke eso ka ke itshilafatsa! Ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno ha ke eso ka ke eja eng kapa eng e fumanwang e itjhweletse, kapa e harotswe ke dibatana. Ha ke eso ka ke eja nama e sesila.”


Morena o bua tjena: “Jwalokaha modisa a hlotha hanong la tau meomo e mmedi feela kapa ntlhana ya tsebe, Baiseraele le bona ba tla pholoswa jwalo, bona ba phelang naheng ya Samaria, motho a nkile tsekana sa moalo wa hae, kapa a nkile otwana la setulo sa hae.


Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba, a be teng hara merabe e mengata, a be jwaloka tau hara dibatana tsa meru, a be jwaloka tawana hara mehlape ya dinku, tawana e fetang e harola, e tsekolla, empa ho se ya ka pholoswang, ya ka pholoswang tleneng tsa yona.


Tau e ne e harola, e fepa ditawana, diphofu e di harolela ditauhadi; matsaba a yona e a tlatsa diphofu, e a tlatsa ka dinama tseo e di harotseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos