Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:14 - BIBELE

14 “Ha motho a adimile phoofolo ho e mong, eba phoofolo eo e hlaha kotsi, kapa e a shwa, monga yona a le sieo, ruri motho eo o tla e lefa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ekare ha motho a adimile phoofolo ho wa habo, mme ya tshoha e robeha setho, kapa ya eshwa, monga yona a le siyo, o tla e lefa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:14
11 Referencias Cruzadas  

Ba bang le bona ba re: “Re adimile tjhelete ya ho ntsha lekgetho la kgosi, bakeng sa masimo a rona, le dirapa tsa rona tsa morara.


Ya kgopo o a adima, empa ha a busetse; ya lokileng o na le mohau, o a fana.


monga sekoti sena o tla lefa. O tla lefa monga phoofolo eo ka tjhelete, mme phoofolo e shweleng e be ya hae.


batho bao ba babedi ba tla hlapantshwa pela Modimo, ho fumana hore na ha a a ka a isa letsoho dinthong tsa e mong. Monga ntho o tla amohela tlhapantsho eo, mme a ke ke a buseletswa letho.


Haeba ruri e harotswe, o tla e hlahisa e le bopaki, mme a ke ke a lefiswa se harotsweng.


Ha hona ho etsahala monga yona a le teng, eo a ke ke a e lefa. Empa haeba e ne e hirilwe, e tla lefellwa ka tjhelete ya kgiro ya yona.”


Ya otlang phoofolo, mme a e bolaya, o tla lefa phoofolo eo ka phoofolo e nngwe.


Fa ya o kopang, mme o se ke wa furalla ya ratang ho adima ho wena.”


Empa ratang dira tsa lona, le di etse hantle, le adimane le sa lebelle ho buseletswa letho. Moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo, hobane yena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba kgopo.


Mokgwa wa ho leballana melato ke ona: Motho ka mong, eo ho nkilweng molato ho yena, o tla leballa mohahabo seo a mo adimileng sona; ha a na ho susutlella mohahabo, kapa ngwanabo, hore a lefe, hobane selemo sa Morena, sa ho leballana melato, se phatlaladitswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos