Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ha e fela e ne e harolwe, a hlahise bopaki; ha a na ho lefa se harotsweng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Haeba ruri e harotswe, o tla e hlahisa e le bopaki, mme a ke ke a lefiswa se harotsweng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:13
6 Referencias Cruzadas  

Empa ha ho fihlelwa hoba phoofolo e kile ya utsuwa, o tla lefela monga yona.


Ekare ha motho a adimile phoofolo ho wa habo, mme ya tshoha e robeha setho, kapa ya eshwa, monga yona a le siyo, o tla e lefa.


Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.


Jehova o itse: Jwalokaha modisa a hlwibila maoto a mabedi a nku, kapa sekoto sa tsebe molomong wa tau, ho tla hlwibilwa jwalo bana ba Iseraele ba Samaria, ba dutseng dintlheng tsa malao le hodima diphate tse adilweng masela a Damaseka.


Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!


Le kae letsaba la tau e neng e harolela madinyane a yona, e fenethela ditau tse tshehadi tsa yona, e be e tlatse maphao a yona nama, e tlatse le matsaba a yona ditopo tse harotsweng?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos