Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ekare ha motho a adimile phoofolo ho wa habo, mme ya tshoha e robeha setho, kapa ya eshwa, monga yona a le siyo, o tla e lefa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “Ha motho a adimile phoofolo ho e mong, eba phoofolo eo e hlaha kotsi, kapa e a shwa, monga yona a le sieo, ruri motho eo o tla e lefa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:14
11 Referencias Cruzadas  

Hape, ba bang ba ne ba re: Re adimile ditjhelete ka masimo a rona le ka merara ya rona, re tle re ntshe lekgetho la morena.


E mobe o a adima, mme ha a buse; empa ya lokileng o na le mohau, o a fana;


o tla busetsa ho monga phoofolo tjhelete tsa yona, lebole lona e be la hae.


kano ya ho ana ka Jehova e tla bewa mahareng a batho bao ba babedi, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho nthong ya wa habo; monga yona o tla dumela kano, mme ha a ka ke a lefelwa letho.


Ha e fela e ne e harolwe, a hlahise bopaki; ha a na ho lefa se harotsweng.


Ha monga yona a ne a le teng, ha a na ho lefa; ha e ne e adimilwe, tefo ya kadimo e eme bakeng sa yona.


Mang le mang ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona: bophelo bo lefjwe ka bophelo.


Nea ya qelang ho wena, o se ke wa furalla ya ratang ho adima ho wena.


Empa lona, ratang bao e leng dira ho lona, le etse batho hantle, le adimane le se balaele; mme moputso wa lona o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ya hodimodimo; hobane yena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya.


Mokgwa wa ho etsa teselo ke wona: E mong le e mong ya nametsweng, a leselle wa habo seo a mo nametseng ka sona; a se ke a kgathatsa wa habo, kapa ngwanabo, hobane ho boletswe teselo ya Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos