Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 15:21 - BIBELE

21 Meriama a phokola sefela, a re: “Binelang Morena, hobane ruri o itlotlisitse, o itlotlisitse ka tlholo, o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Miriame a dumellana le bona, a re: Rokang Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; o dihetse pere le mopalami wa yona lewatleng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 15:21
17 Referencias Cruzadas  

“Le se ke le e bolela Gate, le se e phatlalatse terateng tsa Ashekelone, esere baradi ba Bafilesita ba nyakalla, baradi ba maqai ba didietsa.


Davida a apara setipe se entsweng ka lesela la lene, a hobela ka matla a hae kaofela, a isa hlompho ho Morena.


Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.


Dinatla di hlakotswe kgapo ya tsona, tsa robala boroko ba lefu; bahlabani bohle ba sitilwe ho itwanela.


Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Morena sefela sena, ba re: “Ke tla binela Morena, hobane ruri o itlotlisitse ka tlholo; o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.


O dihetse dikariki tsa Faro, le mabotho a hae ka lewatleng, mokgetho wa balaodi ba hae wa teba Lewatleng la Lehlaka.


Ba ne ba bina sefela se setjha, ba le kapele ho terone, le ho dibopuwa tse nne tse phelang, le ho baholo. Ho ne ho se motho ya ka tsebang sefela seo, haese feela bao ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, e leng ba lopolotsweng lefatsheng.


Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: “Mesebetsi ya hao e meholo, e tsoteha hakaakang, Morena Modimo ya matla wohle! Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Kgosi ya ditjhaba.


Ba ne ba bina sefela se setjha, ba re: “Ho a o lokela ho nka buka le ho kgomarolla dibitielo tsa yona, hobane o ile wa hlajwa, mme ka madi a hao wa lopollela Modimo batho ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle.


“Lona dikgosi mamelang, lona mahosana sekehang tsebe, nna ke tla binela Morena, ke binele Morena Modimo, Modimo wa Iseraele.


Ha Davida a kgutla le mabotho, a tswa bolaya Goliate, basadi ba tswa metseng yohle ya Iseraele, ba tla ba bina, ba bile ba etsa motjeko, ho kgahlanyetsa kgosi Saule. Ba ne ba letsa meropa le diharepa, ka thabo.


Basadi ba neng ba etsa motjeko ba ne ba bina, ba re: “Saule o bolaile ba hae ba dikete, Davida yena o bolaile ba kete tsa dikete.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos