Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 15:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Miriame a dumellana le bona, a re: Rokang Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; o dihetse pere le mopalami wa yona lewatleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Meriama a phokola sefela, a re: “Binelang Morena, hobane ruri o itlotlisitse, o itlotlisitse ka tlholo, o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 15:21
17 Referencias Cruzadas  

Le se ke la e bolela Gathe, le se ke la e tumisa mapatlelong a Ashkelone, esere barwetsana ba Bafilesta ba thaba, le barwetsana ba maqai ba nyakalla!


Haele Davida, o ne a hobela ka matla wohle a hae pela areka ya Jehova; mme Davida o ne a apere efoda ya lene.


ba letsang le ba binang, eitse ha ba kopanya mantswe jwaloka eka ke la motho a le mong, ho rorisa le ho boka Jehova, mme ba phahamisa mantswe, ha ho ntse ho letswa diterompeta le disimbala le diletsa tse ding, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng; ntlo, ntlo ya Jehova ya tlala leru;


Ka tshokelo ya hao, Modimo wa Jakobo, makoloi hammoho le dipere tsa tshwarwa ke boroko bo boholo.


Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Jehova thoko ena; ba bina, ba re: Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; pere le mokalli wa yona o di dihetse lewatleng.


Makoloi a Faro le lekgotla la hae o a dihetse lewatleng, dinatla tsa hae tse kgethehileng di nwetse Lewatleng le Lefubedu.


Ba ne ba bina ho kang sefela se setjha pela terone, le pela dibopuwa tse phelang tse nne, le pela baholo. Mme ho ne ho se ba ka ithutang sefela seo, haese ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene, e leng ba lopolotsweng lefatsheng.


Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


Utlwang, lona marena! le sekehe ditsebe, lona dikgosana! Ke nna, ke nna ke tla binela Jehova; ke tla binela Jehova, Modimo wa Iseraele!


Yare mohla ho boelwang hae, ha Davida a kgutla polaong ya Mofilesta, basadi ba tswa ka metse yohle ya Iseraele, ho tla kgahlanyetsa morena Saule ka meropa le diphala, ba bina, ba hobela, ba thabile.


Basadi bao ha ba letsa, ba dumelana, ba re: Saule o bolaile dikete tsa hae, Davida yena o bolaile mashome a dikete tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos