Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 15:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yaba Moshe o tlosa Baiseraele Lewatleng le Lefubedu, ba tsamaela lefeelleng la Shure, ba tsamaya ka matsatsi a mararo feelleng, ba sa bone metsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Jwale Moshe a tlosa Baiseraele Lewatleng la Lehlaka, ba ya lehwatateng la Shure. Ba tsamaya lehwatateng ka matsatsi a mararo, empa ba se ke ba fumana metsi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 15:22
12 Referencias Cruzadas  

Lengeloi la Jehova la le fumana pela sediba sa metsi feelleng, sedibeng se tseleng ya Shure.


Abrahama a tloha moo a leng teng, a leba naheng ya Borwa, a aha pakeng tsa Kadeshe le Shure, a hlola Gerare.


Ba lesika la hae ba ahela ho nka Havila ho isa Shure e pela Egepeta ka nqa Asiria; Ishmaele a aha jwalo pontsheng ya banababo kaofela.


A ba a haodisa setjhaba sa hae feelleng: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Wa tsamaisa setjhaba sa hao jwalokaha ho tsamaiswa dinku, ka letsoho la Moshe le la Aarone.


Wa ntsha setjhaba sa wona jwaloka dinku, wa ba tsamaisa lefeelleng jwaloka mohlape.


Wa ba qhoba hamonate, ba sa tshohe letho, mme lewatle la kwahela dira tsa bona.


Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha lefeelleng la Sine, ka taelo ya Jehova, ba ntse ba eya ka ho tsamaya ha bona; ba fihla ba hloma ditente Refidime, empa ho ne ho se metsi ao setjhaba se ka a nwang.


Ba tla mamela lentswe la hao, mme o tla ya, wena le baholo ba Iseraele, ho morena wa Egepeta, mme le tla re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o tlile ho rona, mme jwale, ako re dumelle; re ye tsela ya matsatsi a mararo lefeelleng, re tle re hlabele Jehova, Modimo wa rona, mahlabelo.


Ba tloha Pi-Hahirothe, ba fetela ka nqa lefeelleng ba tshetse lewatle; ba tsamaya matsatsi a mararo feelleng la Ethame, ba emisa Mara.


Saule a bolaya Baamaleke, ho tloha Havila, ho ya fihla Shure, o mabapa le Egepeta.


Ha a le teng, Davida le banna ba hae ba futuhela Bageshure, le Bagirese, le Baamaleke, e leng beng ba naha eo, ho isa Shure, le naheng ya Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos