Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 15:20 - BIBELE

20 Yaba Meriama wa moporofeta, kgaitsedi ya Arone, o nka moropa ka letsoho la hae; basadi bohle ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, mme ba etsa motjeko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba Miriame moporofeta, kgaitsedi ya Aarone, le yena o nka moropa letsohong la hae; basadi kaofela ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, ba tlaka.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 15:20
33 Referencias Cruzadas  

Ke hobaneng ha o balehile ka lenyele, o nthobetse, mme o sa ka wa ntsebisa, athe nka be ke o feleheditse ka thabo le ka dipina, le ka meropa le ka harepa?


“Le se ke le e bolela Gate, le se e phatlalatse terateng tsa Ashekelone, esere baradi ba Bafilesita ba nyakalla, baradi ba maqai ba didietsa.


Davida a apara setipe se entsweng ka lesela la lene, a hobela ka matla a hae kaofela, a isa hlompho ho Morena.


Ha areka ya Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, mme a bona kgosi Davida a ntse a tlala, a etsa menyakwe kapele ho Morena; a mo nyedisa ka pelong ya hae.


Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko kapele ho Morena, ba letsa diletsa tsa mefutafuta tse entsweng ka sefate sa modutu; ba letsa le diharepa, le dikatara, le meropa, le merutlhwana, le matlheretlhere.


Jwale moprista Hilekiya, le Ahikama, le Akabore, le Shafane, le Asaya, ba ya ho Hulada, moporofeta wa mosadi, mohatsa Shalome, mora wa Tikefa, setloholo sa Harahase, molebedi wa diaparo tsa Tempele. Moporofeta eo o ne a ahile karolong e ntjha ya Jerusalema. Ba fihla ba buisana le yena.


Davida a buisana le bao e leng dihlooho tsa Balevi, hore ba kgethe bana babo bona ba tla bina ka diletsa, e leng dikatara, le diharepa, le matlheretlhere, ba bine haholo, ba thabile.


Bana ba Amorame ke Arone, le Moshe, le Meriama; bara ba Arone ke Nadabe, le Abidu, le Eleasare, le Itamare.


Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako hopole Tobiya le Sanebalate, ka baka la mesebetsi ya bona; o hopole le Nowadiya, moporofeta enwa wa mosadi, le baporofeta ba bang, ba neng ba leka ho ntshosa.”


Ba ke ba rorise lebitso la hae, ba le rorise ka mehobelo, ba mo roke ka moropa le ka harepa.


Mo roriseng ka moropa le ka mohobelo, mo roriseng ka seletsa se dikgwele, le ka makodilo;


Ako nkutlwe, Morena, mme o nkgauhele; Morena, ako be mothusi wa ka!”


mohlape wa hao wa fumana bodulo teng, boo ka mohau wa hao o bo lokisitseng, wa bo lokisetsa bahlophehi.


Bohle ba bona mekoloko ya hao, Modimo, mekoloko ya Modimo wa ka, kgosi ya ka, mekoloko e kenang Sehalalelong.


Kapele ke dibini, kamorao ke baletsi, hare ke thwetsana e tidinyang meropa.


Tshelang Modimo ka ditlatse, ke yena matla a rona; etsetsang Modimo wa Jakobo mehoo, mo etsetseng mehoo ya thabo.


Kgaitsedi ya hae ya emela thokwana, hore e tle e bone se tla etsahala ho yena.


nako ya ho lla le nako ya ho tsheha, nako ya maswabi le nako ya mohobelo;


Ke tla boela ke tsosa dithako tsa hao, mme o tla tsoha wena morwetsana, Jerusalema. O tla boela o kgaba ka meropa ya hao, o kene motjekong wa ba tjekang ba thabile.


Ke ile ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le lopolla naheng ya bokgoba. Ka romela Moshe ho le etella pele, ka mo romela a ena le Arone le Meriama.


Meriama le Arone ba bua hampe ka Moshe, ka baka la mosadi wa Mokushe eo a neng a mo nyetse, hobane o ne a nyetse mosadi wa Mokushe.


Ba re: “Na Morena o fela a buile ka molomo wa Moshe? Na ha a eso bue ka melomo ya rona?” Morena a utlwa taba ena.


Ka kgwedi ya pele setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa fihla lehwatateng la Sine, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Meriama a shwella hona moo, a ba a apelwa hona teng.


Lebitso la mosadi wa Amorame e ne e le Jokobeta, moradi wa Levi, eo mmae a ileng a mo tswalla Levi ha a le Egepeta. A tswalla Amorame Arone le Moshe, le kgaitsedi ya bona Meriama.


Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, ya bitswang Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere. Anna eo o ne a se a tsofetse haholo, a ile a phela le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae.


Monna enwa o ne a ena le baradi ba bane, ba barwetsana, ba neng ba porofeta.


Mosadi e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta, a sa rwala letho hloohong, o tlontlolla monna wa hae; ha ho phapano mahareng a hae le mosadi ya kutileng lekorana.


eka kgona basadi ba thole diphuthehong; ha ba a dumellwa ho bua. Kamoo le Molao o bolelang kateng, ba lokela ho laolwa.


Ha Jafeta a kgutlela ha hae, moradi wa hae a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, a letsa meropa, a etsa motjeko. E ne e le yena feela ngwana wa hae; ntle ho yena o ne a se na mora kapa moradi e mong.


Le lebelle, mme e tle ere ha le bona barwetsana ba Shilo ba etla motjekong, le ropohe hara dirapa tsa morara, monna e mong le e mong a ikabe ka mosadi wa hae hara barwetsana bao ba Shilo, a ikele naheng ya morabe wa Benjamine.


Ka nako eo, moporofeta Debora, mosadi wa Lapidote, e ne e le yena moahlodi wa Baiseraele.


“Kamora moo o tla fihla Leralleng la Modimo, moo ho nang le lebotho la Bafilesita. Etlare ha o se o fihlile motseng o kopane le sehlopha sa baporofeta ba theohang aletareng e leralleng, ba eteletswe pele ke dikatara, le meropa, le makodilo, le diharepa, mme ba tla be ba ntse ba porofeta.


Ha Davida a kgutla le mabotho, a tswa bolaya Goliate, basadi ba tswa metseng yohle ya Iseraele, ba tla ba bina, ba bile ba etsa motjeko, ho kgahlanyetsa kgosi Saule. Ba ne ba letsa meropa le diharepa, ka thabo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos