Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:16 - BIBELE

16 Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang, le ka letsatsi la bosupa e tla ba teng; ho se be mosebetsi oo le tla o etsa ka matsatsi ao, haese feela ho lokisa ho ka jewang; hoo ke hona feela hoo le ka ho etsang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka tsatsi la pele, phutheho e kgethehileng e tla ba teng, le ka tsatsi la bosupa ho be le phutheho e kgethehileng hara lona. Ha ho ka ke ha etswa mosebetsi le o mong ka matsatsi ao, haese wa seo batho ba se jang; ke wona feela o ka etswang ke lona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:16
21 Referencias Cruzadas  

Moshe a re ho bona: “Sena ke seo Morena a se boletseng: ‘Hosasane ke letsatsi la phomolo; ke letsatsi la phomolo la Sabatha sa Morena. Seo le se besang le se bese, seo le se apehang le se apehe; sohle se salang le se bolokele la hosasane.’ ”


Bonang, Morena o le neile Sabatha; ka baka lena, ka letsatsi la botshelela o tla le nea dijo tse lekaneng matsatsi a mabedi. Bohle ba dule moo ba leng teng. Ho se be motho ya tla tloha ha hae ka letsatsi la bosupa.”


Ka letsatsi la botshelela se tla bokella, mme se bokelle ho lekaneng matsatsi a mabedi.”


empa letsatsi la bosupa ke Sabatha sa Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa diphoofolo tsa hao, kapa mojaki ya ha hao.


“O boloke mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Ka matsatsi a supileng o tla ja bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane o tswile Egepeta ka kgwedi eo ya Mmesa.


Kgaotsang ho ntlisetsa nyehelo tse se nang thuso; mekubetso ya lona ke manyala ho nna, mekete ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, le phutheho tse halalelang tseo le di memang, tsena ke bokgopo, nke ke ka di mamella.


Ka lona letsatsi leo o tla phatlalatsa hore ho tla ba le phutheho e halalelang ya lona, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.


“Letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, ke letsatsi la tefelo ya sebe, mme le tla ba le phutheho e halalelang. Le tla itima dijo, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso.


Letsatsi la pele ke la phutheho e halalelang; le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe.


Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.


Ka letsatsi la bosupa ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.’ ”


“ ‘Ka letsatsi la dilopotsiya, ha le nyehella Morena ka nyehelo ya dijo tse ntjha, moketeng wa lona wa dibeke, ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.


“ ‘Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ho tla ba le phutheho e halalelang. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ho lona e tla ba letsatsi la ho letsa terompeta.


“ ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, le tla ba le phutheho e halalelang. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe, mme le etsetse Morena mokete ka matsatsi a supileng.


Erekaha e ne e le letsatsi la tlhekelo, Bajuda ba kopa Pilato hore ho rojwe meomo ya ba thakgisitsweng, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala sefapanong ka Sabatha, hobane letsatsi la Sabatha seo le ne le le leholo.


Ka matsatsi a tsheletseng le tla ja bohobe bo sa lomoswang, empa letsatsi la bosupa e tla ba la phutheho e kgolo, e mahlonoko ya ho tlotla Morena Modimo wa lona. Le se ke la etsa mosebetsi le o mong ka letsatsi leo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos