Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 12:15 - BIBELE

15 “ ‘Ka matsatsi a supileng le tla ja bohobe bo sa lomoswang. Ka letsatsi la pele le tla tlosa ditomoso matlung a lona, hobane motho ya tla ja bohobe bo lomositsweng, ka matsatsi ana a supileng, o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Le tla ja bohobe bo se nang ditomoso ka matsatsi a supileng, le tlose ditomoso matlung a lona ka tsatsi la pele; hobane ya ka jang bohobe bo nang le ditomoso ho qala ka tsatsi la pele ho isa ho la bosupa, motho eo o tla kgaolwa Iseraeleng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:15
28 Referencias Cruzadas  

Motho wa leqai, ya sa bolotswang ka ho pongwa leeko, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane o sentse selekane sa ka.”


Bana ba Iseraele, ba neng ba le teng Jerusalema, ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ka thabo e kgolo. Balevi le baprista bona ba nna ba rorisa Morena ka tsatsi le leng le le leng, ba mminela ka tjheseho e kgolo.


Ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ba o keteka ka thabo. Morena o ne a ba thabisitse, a entse hore kgosi ya Asure e ba rate, e ba thuse ho haha Tempele ya Modimo, Modimo wa Iseraele.


Ba je nama eo hona bosiung bona boo, e besitswe, ba e jelelle le bohobe bo sa lomoswang, le ka moroho o babang.


Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng.


“O tla etsa mokete wa bohobe bo sa lomoswang; ka matsatsi a supileng o je bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane ke ka yona o tswileng naheng ya Egepeta. “Ho se be ya tla hlaha kapele ho nna a itsolokile.


Motho ya ka etsang e jwaloka yona, kapa a e nea motho eo e seng moprista, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”


Motho ya ka etsang o kang wona, hore a utlwe monko wa wona o monate, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.”


“ ‘Jwale le tla hlompha letsatsi la Sabatha, hobane le a halalela ho lona; ba le hlomphollang, ruri ba tla bolawa. Bohle ba etsang mesebetsi ka letsatsi leo, ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona.


“O boloke mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Ka matsatsi a supileng o tla ja bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane o tswile Egepeta ka kgwedi eo ya Mmesa.


“O se ke wa nnyehella ka madi a sehlabelo sa ka le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa sielwa la hosasane.


“ ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo.


Bophelo ba dintho tsohle ke madi a tsona; ka baka leo, ke itse ho bana ba Iseraele: “Le se ke la ja bobete ba ntho efe kapa efe, hobane bophelo ba dintho tsohle ke madi a tsona. Mang kapa mang ya ka bo jang, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.”


Mang kapa mang ya etsang tsena Morena a ke a mo leleke setjhabeng sa Iseraele, leha a ka tlisa dinyehelo ho Morena wa mabotho.


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la yona kgwedi ena ke mokete; ka matsatsi a supileng ho tla jewa bohobe bo sa lomoswang.


Empa ha motho a hlwekile, a bile a se leetong, feela a sa etse mokete wa Paseka, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane ha a a ka a etsetsa Morena mokete wa Paseka ka nako ya wona. Motho eo a tla jara sebe seo sa hae.


Jwale ba utlwisisa hore o ne a sa re ba hlokomele tomoso ya bohobe bo jewang, empa ba hlokomele thuto ya Bafarisi le Basaduke.


Lekgatheng leo, ha letshwele la batho ba diketekete le bokane, hoo ba neng ba hatellana, Jesu a qala pele ka ho re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang tomoso ya Bafarisi, e leng boikaketsi.


Hoba ba qete matsatsi a mokete, ha ba kgutlela hae, moshanyana Jesu a sala Jerusalema, batswadi ba hae ba sa tsebe.


Yare ha a bona hore taba eo e kgahlile Bajuda, a eketsa ka ho tshwara Petrose. E ne e le matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang.


E se e ka bao ba le fuduhang ba ka iphaola!


Le se ke la e jelella ka bohobe bo lomositsweng. Ka matsatsi a supileng le tla e jelella ka bohobe bo sa lomoswang, e leng bohobe ba matshwenyeho, hobane le ne le tswe Egepeta ka ntshwe-di-safohlwa; e le hore ka matsatsi wohle a ho phela ha lona le nne le hopole mohla le neng le etswa naheng ya Egepeta.


“Le se ke la etsa sehlabelo motseng ofe kapa ofe oo Morena Modimo wa lona, a le neang wona,


Ka matsatsi a tsheletseng le tla ja bohobe bo sa lomoswang, empa letsatsi la bosupa e tla ba la phutheho e kgolo, e mahlonoko ya ho tlotla Morena Modimo wa lona. Le se ke la etsa mosebetsi le o mong ka letsatsi leo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos