Daniele 6:8 - BIBELE8 Jwale, wena kgosi, etsa taelo eo, e be e ngolwe, e le hore e tle e se ke ya fetoha, jwaloka melao ya Bamede le Maperesiya e ke keng ya fetolwa.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)8 Jwale, morena, o tiise taelo eo, mme o ngole molao o ke keng wa fetoha, jwalokaha molao wa Bamede le Bapersia e le molao o sa fetoheng. Ver Capítulo |
Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele bangodi ba kgosi ba bitswa, ba ngolla balaodi ba kgosi, le babusi ba dinaha tsohle le mahosana a dinaha tsohle, ho ya kamoo Hamane a ileng a laela kateng. Mangolo ana a ngollwa ditjhaba tsohle ka mengolo ya tsona le ka dipuo tsa tsona; a ngolwa lebitsong la kgosi Ahashuerushe, a tiiswa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana.
Ba ya ho kgosi, ba bua le yona ka taelo eo e e entseng, ba re: “Na ha o a ka wa etsa taelo e reng ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya rapelang modimo osele kapa motho e mong, haese wena feela, kgosi, motho eo o tla akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau?” Kgosi ya ba araba, ya re: “Ke nnete, ho jwalo, ho ya ka molao wa Bamede le Maperesiya o ke keng wa fetolwa.”