Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 6:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jwale, morena, o tiise taelo eo, mme o ngole molao o ke keng wa fetoha, jwalokaha molao wa Bamede le Bapersia e le molao o sa fetoheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Jwale, wena kgosi, etsa taelo eo, e be e ngolwe, e le hore e tle e se ke ya fetoha, jwaloka melao ya Bamede le Maperesiya e ke keng ya fetolwa.”

Ver Capítulo Copiar




Daniele 6:8
11 Referencias Cruzadas  

Jwale, ha morena a dumela, taelo ya mmuso e ke e etswe ho yena, mme e ngolwe bukeng ya melao ya Persia le Media, e be e se nang ho fetoha, ya ho re, Vashti a se ke a hlola a etla pela morena Assueruse, mme morena a ke a nee bofumahadi ba hae ho e mong ya mo fetang ka molemo.


Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele; ha ngolwa kahohle kamoo ho laetsweng Hamane kateng; ha ngollwa matona a morena, le babusisi ba naha e nngwe le e nngwe, le dihlooho tsa setjhaba se seng le se seng; ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona; mangolo a etswa ka lebitso la morena Assueruse, mme a tiiswa ka lesale la morena.


Mordekai a ngola ka lebitso la morena Assueruse, mme a tiisa ka lesale la morena; a romela mangolo ka dititimi tse kaletseng dipere le ka ba palamileng tse lebelo, e leng dimulete tse tswetsweng ke dipere tse tshehadi.


Esthere a eketsa a bua pela morena; a itihela pela maoto a hae, a lla, a mo rapela hore a fedise morero o bolotsana wa Hamane, Moagage, le bohlale ba hae boo a rerileng Bajuda ka bona.


Ha ho le jwalo, ngolang lona ka lebitso la morena bakeng sa Bajuda kamoo le ratang kateng, mme le tiise ka lesale la morena; hobane lengolo le ngodilweng ka lebitso la morena, le tiisitsweng ka lesale la morena, ha le na ho kwenehelwa.


Ba bokanela bophelo ba ya lokileng, ba tswa madi a se nang molato.


Ho madimabe ba beang melao e sa lokang, le bangodi ba ngolang mangolo a hloriso;


Peres (karolo): Mmuso wa hao o arotswe, mme o neilwe Bamede le Bapersia.


Ba ya ho morena, ba bua pela hae ka molao o entsweng ke yena morena, ba re: Hleka ha o a ka wa ngola molao wa hore, motho leha e ka ba mang ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, kapa ho motho ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, o tla akgelwa lemeneng la ditau na? Morena a araba, a re: Ke taba e tiileng ka molao wa Bamede le Bapersia, e leng o sa fetoheng.


Empa banna bao ba mathela ho morena mahong, ba re ho morena: Morena, tseba hore ka molao wa Bamede le Bapersia, taelo, leha e le molao o beilweng ke morena, ha o na ho fetoha.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos