Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 6:7 - BIBELE

7 Baokamedi bohle ba puso, le babusisi, le mahosana, le baeletsi, le balaodi, ba dumellane kaofela hore kgosi e etse molao, e be e laele ka thata hore ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya tla etsa thapedi ho modimo osele kapa ho motho e mong, haese ho wena feela, kgosi, a akgelwe ka mokoting o moholo wa ditau.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Morena Dariuse, phela ka ho sa feleng! Mahosana a mmuso kaofela, le marenana, le babusi, le baeletsi, le matona, ba dumellane ho ngola molao wa borena, le ho etsa taelo e tiileng, e bolelang hore e mong le e mong ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, leha e le ho motho, ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, a akgelwe lemeneng la ditau.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 6:7
25 Referencias Cruzadas  

o lalla jwaloka tau e bothile selaong sa yona; o lalla jwalo hore a tle a qhautse mohlophehi, a mo qhautse ka ho mo tshwasa ka leraba la hae.


Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:


Ako nnamolele ho ba etsang tse kgopo, o mpholose ho ba ratang ho tsholla madi.


Ba a potlaka, ba itokisetsa nna, le hoja ke sa etsa phoso; tsoha, o nkgahlanyetse, mme o bone.


Lona bohle, le tla nne le pheelle ho rusolla motho ho fihlela neng, leha a se a le jwaloka lerako, rako le hlephileng, le motero o nyehlileng?


Ba re: “Tloong, re ba fedise, e se hlole e eba setjhaba, bitso la Iseraele le se hlole le hopolwa.”


Na o ka ba le kopano le baahlodi, baahlodi ba kgopo, ba fetolang bobe molao?


Bakalatiya ba araba kgosi ka Searame, ba re: “A kgosi e ke e re phelele! Phetela bahlanka ba hao toro ena, mme re tla e hlalosa.”


Mang le mang ya sa tlo itihela fatshe ho se kgumamela, o tla akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe.


Jwale kgosi Nebukadenesare a mema mahosana, le babusisi le balaodi, le baeletsi, le bo-ramatlotlo, le baahlodi, le mapolesa, le babusi bohle ba dinaha, hore ba be teng ha ho kgakolwa setshwantsho seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse.


Mahosana le babusisi le balaodi le baeletsi ba kgosi ba ba bokanela, mme ba bona hore mollo ha o a ba etsa letho mmeleng, leha e le ho tlabola qoba ya moriri wa bona. Diaparo tsa bona di ne di sa tjha, le monko wa ho tjheswa ke mollo o sa utlwahale.


Mang le mang ya sa tlo itihela fatshe, a kgumamele setshwantsho, hanghang o tla akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe.”


Yaba kgosi e laela hore ba tlise Daniele, mme ba mo akgela ka mokoting o moholo wa ditau. Jwale kgosi ya re ho Daniele: “Modimo wa hao, eo o mo sebeletsang ka botshepehi, o tla o pholosa!”


Modimo wa ka o ile a romela lengeloi la hae hore le thibe melomo ya ditau, di se ke tsa nketsa letho, hobane o fumane ke se na molato, mme le wena kgosi, ha ke eso o etsetse bobe ba letho.”


Lona tjhaba sa ka, hopolang morero wa Balake, morero wa Balake, kgosi ya Moabe, le hopole le karabo ya Bileame, mora wa Beore. Hopolang le lona leeto la lona la ho tloha Shitime ho ya Gilegale, le tle le tsebe ketso tse pholosang tsa Morena.”


Tau e ne e harola, e fepa ditawana, diphofu e di harolela ditauhadi; matsaba a yona e a tlatsa diphofu, e a tlatsa ka dinama tseo e di harotseng.


Bafarisi ba tswa, ba rera kamoo ba ka bolayang Jesu kateng.


mme ba rera ho tshwara Jesu ka mano le ho mmolaya.


E sa le kameso, hoba baprista ba baholo ba rerisane le baholo, le Ditsebi tsa Molao, le lekgotla lohle, ba tlama Jesu, ba mo kganna, ba mo neela Pilato.


Baprista ba baholo ba rera hore le yena Lasaro a bolawe,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos