Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 6:12 - BIBELE

12 Ba ya ho kgosi, ba bua le yona ka taelo eo e e entseng, ba re: “Na ha o a ka wa etsa taelo e reng ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya rapelang modimo osele kapa motho e mong, haese wena feela, kgosi, motho eo o tla akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau?” Kgosi ya ba araba, ya re: “Ke nnete, ho jwalo, ho ya ka molao wa Bamede le Maperesiya o ke keng wa fetolwa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba ya ho morena, ba bua pela hae ka molao o entsweng ke yena morena, ba re: Hleka ha o a ka wa ngola molao wa hore, motho leha e ka ba mang ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, kapa ho motho ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, o tla akgelwa lemeneng la ditau na? Morena a araba, a re: Ke taba e tiileng ka molao wa Bamede le Bapersia, e leng o sa fetoheng.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 6:12
7 Referencias Cruzadas  

“Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho tswe taelo ya kgosi, mme e ngolwe melaong ya Peresiya le ya Media, e le hore taelo eo e se ke ya fetolwa, ho thwe Fashiti a ke ke a hlola a ema kapele ho kgosi Ahashuerushe. Ditokelo tsa hae tsa bofumahadi di newe e mong e motle ho mo feta.


Jwale banna bao ba phuthehela ho kgosi, ba fihla ba re ho yona: “O a tseba, wena kgosi, hore molao wa Bamede le Maperesiya o re ha ho taelo kapa molao o entsweng ke kgosi o ka fetolwang.”


Jwale, wena kgosi, etsa taelo eo, e be e ngolwe, e le hore e tle e se ke ya fetoha, jwaloka melao ya Bamede le Maperesiya e ke keng ya fetolwa.”


Yare ha beng ba lona ba bona hore tshepo ya bona ya ho rua e fedile, ba tshwara Paulosi le Silase, ba ba hulanyetsa lebaleng la motse, ho babusi.


Yena ha a fumane taelo e jwalo, a ba hlahlela kaharehare ho tjhankana, a tlamella maoto a bona pakeng tsa dikoqo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos