Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba ya ho morena, ba bua pela hae ka molao o entsweng ke yena morena, ba re: Hleka ha o a ka wa ngola molao wa hore, motho leha e ka ba mang ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, kapa ho motho ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, o tla akgelwa lemeneng la ditau na? Morena a araba, a re: Ke taba e tiileng ka molao wa Bamede le Bapersia, e leng o sa fetoheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ba ya ho kgosi, ba bua le yona ka taelo eo e e entseng, ba re: “Na ha o a ka wa etsa taelo e reng ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya rapelang modimo osele kapa motho e mong, haese wena feela, kgosi, motho eo o tla akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau?” Kgosi ya ba araba, ya re: “Ke nnete, ho jwalo, ho ya ka molao wa Bamede le Maperesiya o ke keng wa fetolwa.”

Ver Capítulo Copiar




Daniele 6:12
7 Referencias Cruzadas  

Jwale, ha morena a dumela, taelo ya mmuso e ke e etswe ho yena, mme e ngolwe bukeng ya melao ya Persia le Media, e be e se nang ho fetoha, ya ho re, Vashti a se ke a hlola a etla pela morena Assueruse, mme morena a ke a nee bofumahadi ba hae ho e mong ya mo fetang ka molemo.


Empa banna bao ba mathela ho morena mahong, ba re ho morena: Morena, tseba hore ka molao wa Bamede le Bapersia, taelo, leha e le molao o beilweng ke morena, ha o na ho fetoha.


Jwale, morena, o tiise taelo eo, mme o ngole molao o ke keng wa fetoha, jwalokaha molao wa Bamede le Bapersia e le molao o sa fetoheng.


Yare beng ba hae ha ba bona hobane ba senyehetswe ke tshepo ya ho rua, ba tshwara Pauluse le Silase, ba ba hulela kgotla pela babusi.


Eo, yare hobane a laelwe jwalo, a ba kenya teronkong e kahare, mme a patisa maoto a bona ka difate.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos