Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 6:13 - BIBELE

13 Yaba ba re ho kgosi: “Daniele, e mong wa bathopuwa ba tswang naheng ya Juda, ha a re letho ka wena, kgosi, leha e le ho natsa taelo eo o e entseng; o ntse a rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba ba araba, ba re ho morena: Daniele, e mong wa batshwaruwa ba tswang Juda, ha a re letho ka wena, morena, leha e le ka molao o ngodilweng ke wena; empa o rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 6:13
9 Referencias Cruzadas  

Yaba Hamane o re ho kgosi Ahashuerushe: “Dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao, ho na le setjhaba se itseng, se hasahasaneng hara ditjhaba tsohle tse mmusong wa hao. Melao ya setjhaba seo e fapane le ya ditjhaba tsohle tse ding, mme setjhaba seo ha se boloke melao ya kgosi. Ka baka lena, kgosi e ke ke ya fumana molemo wa letho ka ho tlohela setjhaba seo.


Hara bona ho ne ho ena le banna ba morabe wa Juda, e leng Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya.


Arioke a isa Daniele kapele ho kgosi hanghang, a re: “Ke fumane e mong hara Bajuda ba thopilweng, ya tla hlalosetsa kgosi toro ya yona.”


Mang le mang ya sa tlo itihela fatshe ho se kgumamela, o tla akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe.


Ho na le Bajuda ba bang, bao o ba beileng hore e be batsamaisi ba puso ya naha ya Babilona, e leng bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego; banna bana, kgosi, ha ba o natse. Ha ba sebeletse medimo ya hao, leha e le ho kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.”


Ka yona nako eo, Bakalatiya ba bang ba fihla ba qosa Bajuda.


Daniele a tliswa kapele ho kgosi, mme kgosi ya bua ho yena, ya re: “Na ke wena Daniele, e mong wa bathopuwa ba Bajuda bao ntate, eo e neng e le kgosi, a neng a ba tlise kwano, ba etswa naheng ya Juda?


mme Jasone o ba amohetse. Batho bana bohle ba etsa se lwantshanang le ditaelo tsa Sesare, ba re ho na le kgosi e nngwe, e leng Jesu!”


Yaba Petrose le baapostola ba a araba, ba re: “Eka kgona ho mamelwe Modimo ho ena le batho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos