Daniele 3:6 - BIBELE6 Mang le mang ya sa tlo itihela fatshe, a kgumamele setshwantsho, hanghang o tla akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)6 Mme leha e ka ba mang ya sa kgumameng, a sa rapele, o tla akgelwa seboping sa mollo o bohale. Ver Capítulo |
Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?”
Ka baka leo eitse hanghang ha ho utlwahala ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se dikgwele di leshome, le mmino wa mefuta yohle, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba itihela fatshe, ba kgumamela setshwantsho sa kgauta seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse.
Ka baka la botlotlehi boo a neng a mo nee bona, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ile ba thothomela kapele ho yena, ba mo tshaba. Kgosi e ne e bolaya bao e ratang ho ba bolaya; bao e ratang ho ba hauhela e ba hauhela; bao e ratang ho ba phahamisa e ba phahamisa; bao e ratang ho ba kokobetsa e ba kokobetsa.
Baokamedi bohle ba puso, le babusisi, le mahosana, le baeletsi, le balaodi, ba dumellane kaofela hore kgosi e etse molao, e be e laele ka thata hore ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya tla etsa thapedi ho modimo osele kapa ho motho e mong, haese ho wena feela, kgosi, a akgelwe ka mokoting o moholo wa ditau.