Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 3:5 - BIBELE

5 Hang ha le utlwa ho letswa lenaka, le lekodilo, le harepa, le lekoope, le seletsa se kgwele di leshome, le diphala, le mmino wa mefuta yohle, le itihele fatshe, le kgumamele setshwantsho sa kgauta, seo kgosi Nebukadenesare a se emisitseng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, le kgumame, mme le rapele setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 3:5
5 Referencias Cruzadas  

Medimo ya bona ke ya silefera le ya kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho.


Yaba kgosi Nebukadenesare o itihela fatshe ka sefahleho, o kgumamela Daniele, o laela hore a etsetswe nyehelo, a tjhesetswe le mokubetso o monko o monate.


Wena kgosi, o entse taelo ya hore motho ka mong ha a utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, a itihele fatshe, a kgumamele setshwantsho sa kgauta.


Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?”


Ka baka leo eitse hanghang ha ho utlwahala ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se dikgwele di leshome, le mmino wa mefuta yohle, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba itihela fatshe, ba kgumamela setshwantsho sa kgauta seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos