Daniele 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)6 Mme leha e ka ba mang ya sa kgumameng, a sa rapele, o tla akgelwa seboping sa mollo o bohale. Ver CapítuloBIBELE6 Mang le mang ya sa tlo itihela fatshe, a kgumamele setshwantsho, hanghang o tla akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe.” Ver Capítulo |
Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?
ka baka la boholo boo o neng o mo neile jona, ba mefuta yohle le ba ditjhaba tsohle le ba dipuo tsohle ba ne ba mo tshaba kaofela, ba thothomela pela hae; o ne a bolaya eo a ratang ho mmolaya, a phedise eo a ratang ho mo phedisa, a phahamise eo a ratang ho mo phahamisa, a kokobetse eo a ratang ho mo kokobetsa.
Morena Dariuse, phela ka ho sa feleng! Mahosana a mmuso kaofela, le marenana, le babusi, le baeletsi, le matona, ba dumellane ho ngola molao wa borena, le ho etsa taelo e tiileng, e bolelang hore e mong le e mong ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, leha e le ho motho, ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, a akgelwe lemeneng la ditau.